Labone
Ho baloa Bukeng ea Pele ea Samuele. (4,1-11)
Ba-Israele ba hloloa, le eona areka ea Molimo ea hapuoa.
Mehleng eo ha etsahala hore ba-Filista ba kopane ho hlasela ba-lsraele. Ba-lsraele le bona ba tsoa, ho ea thulana le ba-Filista ntoeng. Ba tla lara pel’a EbenEzere; ba-Filista bona ba lara Afeke. Ba-Filista ba tla ba se ba sehile theko ho ea ho ba-lsraele. Ha Ioanoa e mahlo-mafubelu ‘me ba-Israele ba hloloa ke ba-Filista, ba ileng ba bolaea banna ba ka etsang likete tse ‘ne lebaleng la ntoa.
Eitse hoba mabotho a khutlele liahelong baholo ba Israele ba re: Ke ka baka la’ng ha Morena a hlolisitse ba-Filista kajeno? A re eeng Shilo ho ea lata areka ea selekane sa Morena, e tl’o ba har’a rona, e tle e re pholose matsohong a lira tsa rona.
Ke ha mabotho a romela batho Shilo, ba ileng ba khutla le areka ea selekane sa Morena oa makhotla ea lutseng ka holim’a likerubime. Bara ba babeli ba Eli, e leng Hofni le Finehase, ba tla ba felehelitse areka ea selekane sa Molimo.
Hang hoba areka ea selekane sa Morena e fihle liahelong, Ba-Israele ba e etsetsa litlatse, hoo lefatše le bileng la reketla.
Ha ba-Filista ba utloa lerata la litlatse, ba re: Ke la’ng lerata lena la litlatse tse kale-kale liahelong tsa ba-Heberu? Eitse ha ba lemoha hore areka ea Morena e fihlile liahelong, joale ba-Filistata ba tšoha, ba re Molimo o fihlile liahelong.
Hape ba re: Jonna, rona bale! Ha re e-s’o bone ntho e tjena le ka mohla. Jonna, rona bale! Ke mang ea tla re ntša liatleng tsa Molimo eo ea matla? Ke eena Molimo ea otlileng ba-Egepeta ka likotlo tsa mefuta-futa lefeelleng. Ba-Filista, tiisang matla, le tšoare senna, esere ra oela tlas’a ba-Heberu, joaloka ha ba ile ba oela tlas’a lona. Tšoarang senna, le loane.
Ba-Filista ba loana; ba-lsraele, ba hloloa ba ba ba ea itšohlometsa, motho ka mong tenteng ea hae. Ea e-ba polao e sehloho, ha e-shoa ba-lsraele ba litaaso ba likete tse mashome a mararo. Le eona areka ea Molimo ea hapuoa, ‘me bara ba babeli ba Eli, Hofni le Finehase, ba e-shoa.
PESALEMA 43 (10-11.14-1524-25.)
U RE LOPOLLE, KA BAKA LA MOHAU OA HAO.
Joale u re lahlile, u bile u re tlontlolotse,
‘me ha u sa tsamaisa mabotho a rona ;
u tloheletse sera ho re chechisa,
ba re hloileng ba inketse khapo.
U re entse sekhobo ho ba ahisaneng le rona,
sesomo le ntho ea papali ho ba re pota-potileng.
U re entse pale lichabeng,
re tsitsinyetsoa lihlooho ke ba merabe.
Tsoha, Morena, u robaletse’ng?
Tsoha, u se ke ua re lahla ho isa khale,
U patela’ng sefahleho sa hao,
u sa natse tlhopheho le khatello ea rona?
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (1,40-45)
Lepera la mo tlohela, eaba oa fola.
Ka nako eo, molepera e mong a tla ho Jesu, a mo rapela a khumama ‘me a re ho eena: Ha u rata, u ka mpholisa. Jesu a mo utloela bohloko, a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re ho eena: Kea rata, fola. ‘Me hang lepera la mo tlohela, eaba oa fola.
Jesu a mo laea ka thata, hore a tsamaee ka pele-pele, a ntse a re ho eena: Hlokomela, u se bolelle motho; empa e-ea, u ipontše ho moprista ‘me u nyehele ka se laetsoeng ke Moshe bakeng la pholiso ea hao, e tle e be bopaki ho bona.
Empa eena, hoba a ikele, a qala ho bolela le ho tumisa taba eo, hoo Jesu a neng a s’a bile a sitoa ho kena motseng a bonoa; a s’a itulela nahathothe, ‘me batho ba ne ba tla ho eena, ba hlaha kahohle.
