Vinkmag ad

La 25 Pherekhong 2024

Labone

Tšokoloho ea Paulosi ea halalelang

Moapostola

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola.(22,3-16)

“Ema, u hlatsuoe ‘me u hloekisoe libe tsa hao ka lebitso la Jesu.”

Matsatsing ao, Paulosi a re ho sechaba: Ke monna oa Mojodi, ke hlahetse Tarse, Kilikia; empa ke holisitsoe motseng ona oa Jerusalema, ‘me ke rutiloe ke Gamaliele tsebong ea ‘nete ea Molao oa bo-ntat’a röna, ke le ea chesehelang Molimo, joaloka löna bohle kajeno.

Ke hlorisitse ho isa polaong ba latelang Tsela ena; ka tlama banna le basali ‘me ka ba kenya chankaneng, joaloka ha moprista e moholo le baholo bohle ba ka mpaka, Ebile ke ne ke filoe mangolo ke bona hore ke ee ho bana babo rona Damaseka ‘me ke late ba thuto eo teng, ke ba tlise Jerusalema ba tlamiloe, ba tle ba fumane kotlo.

Joale ha etsahala hore, ha ke se ke le haufi le Damaseka, motšeare o moholo, hang ke teeloe hare ke ho benya ha leseli le leholo le tsoang leholimong. Ka oela fatše ‘me ka utloa lentsoe le reng ho ‘na: Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng na? Ka araba, ke re: U mang, Morena? Eena a re ho ‘na: Ke ‘na Jesu oa Nazaretha, eo u mo hlorisang.

Bao ke neng ke e-na le bona ba ne ba fela ba bona leseli, empa ba se ke ba utloa lentsoe la ea buang le ‘na. Ka botsa, ka re: Ke tla etsa joang, Morena? Morena a re ho ‘na: Ema, u ee Damaseka, ‘me moo u tla bolelloa tsohle tseo u tšoanetseng ho li etsa. Ere ka ha ke ne ke sa bone, ka baka la khanya ea leseli leo, ka tataisoa ke ba tsamaeang le ‘na ‘me ka fihla Damaseka.

Ho n’o le teng motho e mong ea bitsoang Ananiase, ea tšabang Molimo ‘me ea bolokang Molao, ea pakoang ke Bajodi bohle ba phelang Damaseka. A tla ho ‘na, a ema pel’a ka, a re ho ‘na: Saule, ngoan’eso, u ke u boele u bone! ‘Me ka oona motsotso oo ka qala ho bona hape ‘me ka mo sheba.

Eaba o re ho ‘na: Molimo oa bo-ntat’a rona o u khethile e sa le pele hore u tsebe thato ea hae, u bone Ea lokileng, ‘me u utloe lentsoe le tsoang molomong oa hae, hobane u tla ba paki ea hae pel’a batho bohle, ea tseo u li boneng le tseo u li utloileng. Joale, u liehela’ng? Ema, u hlatsuoe ‘me u hloekisoe libe tsa hao ka ho bitsa lebitso la hae.

Pesalema 116 (Mk 16,15)

 E-eang ka lefatše lohle, le phatlalletse libupuoa tsohle molaetsa oa taba tse monate.

Rorisang Morena, lona lichaba tsohle,

Mo tlotliseng, lona merabe eohle

Hobane mohau oa hae ho rona o matla,

   le ‘nete ea Morena ke e sa feleng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka.(16,15-18)

“Ë-eang ka Iefatše lohle, le phatlalletse libopuoa tsohle molaetsa oa taba tse monate.”

Ka nako eo, Jesu a iponahatsa ho ba leshome le motso  o mong, ‘me a re ho bona: E-eang ka lefatše lohle, le phatlalletse libopuoa tsohle molaetsa oa taba tse monate. Ea tla lumela a be a hlatsuoe, o tla pholoha; athe ea sa tl’o lumela o tla tsuoa. Ke tsena he lipontšo tse tla felehetsa ba lumelang: ka lebitso la ka ba tla Ieleka bademone, ba bue lipuo tse ncha, ba tšoare linoha ka letsoho; leha ba ka noa chefo e ke ke ea ba etsa letho. Ba tla beha bakuli matsoho ‘me ba tla fola.

Vinkmag ad

Read Previous

La 24 Pherekhong 2024

Read Next

La 26 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular