Vinkmag ad

La 1 Pherekhong 2024

‘Mantaha

MOKETE OA MARIA ‘M’A MOLIMO

Ho baloa Bukeng ea Lipalo.  (6,22-27)

“Ba tla bitsa lebitso la ka ‘me ke tla ba hlohonolofatsa.”

Morena a bua le Moshe a re: Le tla hlohonolofatsa bana ba Israele joana, le re ho bona: Morena a u hlohonolofatse ‘me a u baballe. Morena a u talime ka sefahleho se elileng ‘me a u hauhele.

Morena a retelehele ho uena, ‘me a u fe khotso. Ba tla bitsa lebitso la ka joalo ha ba rapella bana ba Israele, ‘me ‘na ke tla ba hlohonolofatsa.

PESALEMA 66                     (2-3.5.6,8)

MOLIMO A KE A RE HAUHELE ‘ME A RE HLOHONOLOFATSE.

Molimo a ke a re hauhele ‘me a re hlohonolofatse,

a re bontše sefahleho se elileng,

hore tsela ea hae e tle e tsejoe Iefatšeng,

le pholoho ea hae lichabeng tsohle.

Merabe e ke e thabe,

e nyakalle,

hobane u busa lichaba ka toka,

u tsamaisa merabe lefatšeng lohle.

Lichaba li ke li u boke, uena Molimo,

lichaba li ke li u boke!

Molimo a ke a re hlohonolofatse,

lefatše ka bophara ba lona le ke le mo tšabe!

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata. (4,4-7)

“Molimo o ile a roma Mora oa hae hore a tsoaloe ke mosali.”

Bana beso! Ha nako e behiloeng e se e fihlile, Molimo a roma Mora oa hae hore a tsoaloe ke mosali, a phele tlas’a Molao, a tle a lopolle ba neng ba le tlas’a molao, e le hore re tle re fetohe bana ba Molimo.

Ho paka hore le bana, Molimo o rometse ka lipelong tsa Iona Moea oa Mora oa hae o hooang, o re “Abba,” ke hore “Ntate.” Ha ho le joalo, ha u sa le mohlanka, empa u mora; ‘me ha u le mora, le teng u mojalefa ka thato ea Molimo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.   (2,16-21)

“Hoba ho fete matsatsi a robeli, a rehoa lebitso la Jesu”.

Ka nako eo, balisa ba ea Bethlehema ka potlako ‘me ba fumana Maria le Josefa ‘moho le lesea le neng le robalitsoe sejelong. Eitse ha ba bone, ba bolela tseo ba li utloileng ka ngoana eo. ‘Me bohle ba neng ba mametse ba tsota tseo ba li utloileng ka balisa. Maria eena ha a ka a lebala letho la litaba tsena kaofela, ‘me o n’a lutse a nts’a inahana ka tsona.

Eaba balisa ba khutla ba ntse ba tlotlisa Molimo, ‘me ba mo rorisa ka tsohle tseo ba li utloileng le tseo ba li boneng; ‘me li ne li le joaloka ha ba ne ba ile ba li bolelloa.

Eitse hoba ho fete matsatsi a robeli ‘me e le nako ea hore ngoana a bolotsoe, a rehoa lebitso la Jesu leo a neng a le rehiloe ke lenyeloi, a e-s’o emoloe popelong.

Vinkmag ad

Read Previous

Sepolesa se phatlalatsa meralo

Read Next

La 2 Pherekhong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular