Vinkmag ad

La 28 Tšitoe 2023

Labone

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Joannes. (1,5-2,2)

“Mali a Kriste a re hloekise sebeng sohle.”

Molaetsa oo re o utloileng ho Jesu Kriste, oo re le tsebisang oona, ke ona: Molimo ke leseli ‘me lefifi ha le eo ho eena le hanyenyane. Ekare ha re re re na le kopano le eena, athe re tsamaea lefifing, re bolela leshano ‘me ‘nete ha e eo liketsong tsa röna. Empa ha re tsamaea leseling joaloka ha le eena a le leseling, rea phelisana ‘me mali a Jesu Kriste, Mor’a hae, a re hloekisa sebeng sohle.

Ha eba re re ha re na sebe, rea ithetsa ‘me ‘nete ha e eo ho röna. Ha re ipolela libe tsa röna, Molimo oa tšepahala ‘me o lokile, o tla re tšoarela libe tsa röna, ‘me a re hloekise bokhopo bohle. Ha re ka re ha re na sebe, rea mo shanofatsa ‘me lentsoe la hae ha le eo ho röna. Bana ba ka ba banyenyane, ke le ngolla tsena hore le se ke la etsa sebe. Empa ha e mong a ka etsa sebe, re na le ‘muelli ho Ntate, e leng Jesu Kriste ea lokileng. ‘Me ke eena e leng tefelo ea libe tsa röna, e seng tsa röna feela, empa le tsa lefatše lohle.

Pesalema 123(2-5.7-8 v. 7)

RE PHONYOHILE JOALOKA NONYANA LERABENG LA SECHEHI

Hoja Morena a sa ka a ema le röna, ha batho ba re tsohela matla,
ba ka be ba re koentse tala,
ha khalefo ea bona e re tloketse.
Liphororo li ka be li re hohotse, metsi a re khamme,

re ka be re khanngoe ke metsi a likhohola.
Ho rorisoe Morena, ea sa kang a re lesa
menong a bona joaloka sefifi.

Re phonyohile joaloka nonyana lerabeng la sechehi,

leraba la khaoha, ra phonyoha.

Thuso ea röna e lebitsong la Morena,

ea entseng leholimo le lefatše.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus.    (2,13-18)

“Heroda a romela ho bolaea bana bohle ba neng ba le Bethlehema.”

Hoba ba bohlale ba tsoang Bochabela ba tlohe, lenyeloi la Morena la be le itlhahisa ho Josefa torong, le re: Tsoha, u nke ngoana le ‘m’ae, u tšabele Egepeta, u be u emise teng ho fihlela ke u bolella; hobane Heroda o tla batla ngoana hore a mo timetse.

Ke ha Josefa a tsoha, a nka ngoana le ‘m’ae bosiu, a leba Egepeta, ‘me a emisa teng ho fihlela Heroda a e-shoa, hore ho tle ho phethahale se neng se ile sa boleloa ke Morena ka moprofeta, ha a re: Ke ile ka bitsa mora oa ka ha a ne a le Egepeta.

Joale, Heroda, ha a lemoha hore o qhekeletsoe ke ba bohlale, a halefa haholo, ‘me a romela ho bolaea bana bohle ba neng ba le Bethlehema le ka mathoko ‘ohle ho tloha ka ba lilemo li peli le ba katlase, ho ea ka nako eo a neng a e botsitse ba bohlale. Ke moo ho ileng ha phethahala se boletsoeng ke moprofeta Jeremia, ha a re: Lentsoe le utloahetse Rama, sello le seboko se seholo: ke Rakele ea Ilelang bana ba hae, ‘me o hana ho tšelisoa, hobane ba timetse.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Tšitoe 2023

Read Next

La 29 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular