Vinkmag ad

La 26 T’sitoe 2023

Labobeli

MOKETE OA STEPHANE EA HALALELANG

MOSHOELA-TUMELO OA PELE

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola (6,8-10;7,54-59)

“Ke bona maholimo a phetlehile.”

Matsatsing ao, Stefane, ea neng a tletse mahlohonolo le matla, a etsa limakatso le mehlolo e meholo har’a sechaba. Ke moo ba bang ba phutheho e bitsoang ea Balokolohi le ea Ba-Kirene le ea Ba-Alexandria le ba bang ba tsoang Kilikia le Asia, ba ileng ba ikemisetsa ho phehisana khang le Stefane. Empa ba ne ba sitoa ho hanyetsa bohlale le Moea o Halalelang o nong o bua ka eena.

Ha ba utloa tsena, ba tłokoma ke khalefo ka lipelong ‘me ba mo tšikitlanyetsa meno. Ha e le Stefane eena a tletse Moea o Halalelang, a talima leholimong; eaba o bona letlötlo la Molimo, le Jesu a eme ka ho le letona la Molimo. A re: Ke bona maholimo a phetlehile, le Mor’a motho a eme ka ho le letona la Molimo.

Eaba ba peroha, ba ithiba litsěbě bohle hammoho ba mo rutlolohela, ba mo hulela ka ntle ho motse, ba mo tlepetsa ka majoe. Lipaki li ne li behile liaparo tsa tsona maotong a mohlankana ea bitsoang Saule. Ha ba ntse ba mo tlepetsa, Stefane o ne a rapela, a re: Morena, se ba behe molato oa sebe sena. ‘Me ho ba a rialo, a ithoballa Moreneng.

Pesalema 30                             (3-4.6-8.17.21)

KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAO, MORENA

U be lefika leo ke it’sireletsang ka lona,

qhobosheane eo ke tła pholoha ho eona.

Efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka.

ua ntsamaisa, u bile ua ntataisa

ho tlotlisa lebitso la hao.

Ke beha moea oa ka matsohong a hao;

ke uena ea ntopollang, Morena, Molimo oa ‘nete.

Ha e le ‘na, ke tšepile uena.

Ke tla tlala nyakallo, ke ithabele ka mohau oa hao.

Bontša mohlanka, oa hao sefahleho se elileng,

u mpholose ka mohau oa hao.

U mpate moo uena ka sebele u leng teng,

hole le maqiti a batho;

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus.      (10,16-23)

“E ke ke ea e-ba lona ba buang, empa e tla ba Moea oa Ntat’a lona.”

Ka nko eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae; Bonang, ke le roma joaloka linku har’a liphiri. Ka baka leo, le be masene joaloka linoha, le hloke mano joaloka maebana-khoroana. Hlokomelang batho; hobane ba tla le nehela makhotleng, ba le shape matlung a thapelo a bona; ‘me le tla isoa ka pele ho babusi le marena ka baka la ka, le tle le be lipaki pel’a bona le pel’a balichaba. Empa, etlare ha ba le nehela ho bona, le se ke la ikhathatsa hore na le tla bua joang kapa le tla re’ng; hobane seo le tla se bua, le tla se nehoa ka eona nako eo, etsoe e ke ke ea e-ba lona ba buang, empa e tla ba Moea oa Ntat’a lona o buang ka ho lona. Motho o tla nehela ngoan’abo lefung, le ntat’a ngoana oa hae; bana ba tla tsohela batsoali matla, ba ba ise lefung. Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ea tla tiisetsa ho isa qetellong, ke eena ea tla pholosoa.

Ha ba le hlorisa motseng ona, balehelang ho o mong. Ruri kea le bolella, le ke ke la qeta metse eohle ea Israele, Mor’a motho a e-s’o tle.

Vinkmag ad

Read Previous

La 23 Tšitoe 2023

Read Next

La 27 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular