Vinkmag ad

La 13 Tšitoe 2023

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia    (40,25-31)

“Ea matla-‘ohle o matlafatsa ea haelloang ke matla.”

“Le ka ntšoantša le mang, la ntekanya le mang?” Ho rialo Ea halalelang. Lelaletsang mahlo holimo, le talime: ke mang ea bopileng Iinaleli tsee, ha e se ea tsamaisang makhotla ‘ohle a tsona, ea Ii tsebang kaofela ka mabitso? Ka baka la matla a hae a maholo, a sa hloIoeng ke letho, ha ho le e ‘ngoe e sa arabeleng.

Uena Jakobo, u bua joang? Uena Israele, ke’ng ha u re: “Morena ha a natse taba tsa ka, Molimo oa ka ha a tsotelle litokelo tsa ka?” Ana ha u tsebe kapa ha u e-s’o utloe hoo? Morena ke Molimo oa ka mehla eohle, ea bopileng lefatše ka bophara ba Iona; ha a haelloe ke matla ‘me ha a khathale, le tsebo ea hae e sitoa ho lekanngoa.

O matlafatsa ea haelloang ke matla, o ekeletsa ea fokolang matla. Ba bacha ba ka haelloa ke matla, ba khathala, likoankoetla Ii ka thekesela, empa ba tšepang Morena bona ba matlafala bocha, ba ba le mapheo joaloka ntsu, ba matha ba sa khathale, ba tsamaea ba sa felloe ke matla.

PESALEMA 102                    (1-4.8.10)

BOKA MORENA, MOEA OA KA.

Boka Morena, moea oa ka, ka matla ‘ohle a hao,

u boke lebitso le halalelang la hae.

Boka Morena, moea oa ka,

u se ke ua Iebala melemo eohle ea hae.

Ke eena ea t’soarelang melato eohle ea hao,

ea folisang maloetse ‘ohle a hao;

o pholosa bophelo ba hao lebitleng,

o u roesa mohau le mosa se-ka-tlokola.

Morena o mosa, o lereko,

o lieha ho halefa, o mohau o moholo.

Ha a re tšoare kamoo libe tsa rona Ii lokelang kateng,

ha a re buseletse ho ea ka melato ea rona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (11,28-30)

“Tloong ho ‘na, lona bohle ba sebetsang thata.”

Ka nako eo, Jesu a re: Tloong ho ‘na, lona bohle ba sebetsang thata, ba imetsoeng, ‘me ke tla le khatholla. Itjariseng joko ea ka, le ithute ka ‘na, hobane ke bonolo ebile ke pelo e boikokobetso, ‘me le tla fumanela meea ea lona khatholoho. Ruri joko ea ka e monate, ‘me thoto ea ka e bobebe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Tšitoe 2023

Read Next

La 14 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular