Vinkmag ad

La 12 Tšitoe 2023

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (40,1-11)

Molimo o tšelisa sechaba sa hae.

Tšelisang, le tšelise sechaba sa ka, ho rialo Molimo oa löna. Khothatsang Jerusalema, le mo hoeletse, le re: O tsoile kholehong, molato oa hae o lefiloe; letsoho la Molimo le se le mo otlile le ho feta tekanyo bakeng la libe tsohle tsa hae.

Lentsoe le hooa, le re: Lokisetsang Morena tsela feelleng, le otlollele Molimo oa rona ‘mila lehoatateng. Likhohlo tsohle li katoe, lithaba tsohle le maralla ‘ohle li heletsoe; meepa e fetoloe lithota, lilomo Ii ke liphula. Ke moo letlötlo la Morena le tla iponahatsa, ‘me batho bohle ba tla le bona; hobane molomo oa Morena o boletse joalo.

Lentsoe la re: “Hooa”! Ka araba, ka re: ”Ke tla hooa life”? “E-re: Motho o ka joang, bophelo ba hae e ka ba palesa ea naha. Joang boa omella, palesa e’a pona, ha moea oa Molimo o fokela ho tsona; ehlile batho ke joang. Joang boa omella, palesa e’a pona; empa Ientsoe la Molimo oa röna le tla hlola ka mehla.”

Hloella thabeng e phahameng, uena ea tlisetsang Sione taba tse monate; u phahamise lentsoe haholo, uena ea tlisetsang Jerusalema taba tse monate. Le phahamise, u se t’sabe, u bolelle metse ea Juda, u re: Molimo oa Iona ke eo!

Ke eo Morena Molimo: o tla ka matla a hae, letsoho la hae le busa tsohle. Ke eo a e-tla ka khapo ea hae, le eona thepa ea hae e mo eteletae pele. Joaloka molisa o alosa linku tsa hae, o li phutha ka letsoho la hae, o sika likonyana sefubeng sa hae; tse anyesang o li qeka butle.

PESALEMA 95      (1-3.10-13. 40,9-10)

MOLIMO OA RONA KE EO! O TLA KA MATIA A HAE.

Binelang Morena sefela se secha,

binelang Morena, löna mafatše ‘ohle,

Binelang Morena, le boke lebitso la hae,

tumisang pholoho ea hae ka matsatsi ‘ohle.

Le bolele letlötlo la hae har’a lichaba,

le mesebetsi e tsotehang ea hae har’a merabe eohle.

Bolellang lichaba, le re: “Morena ke khosi

O ahlola lichaba ho se leeme.”

Maholimo a ke a thabe

le lefatše le nyakalle.

Leoatle le ke le rore,

‘moho le tsohle tse ka ho lona.

Masimo a ke a nyakalle,

le tsohle tse ho ‘ona.

Lifate tsohle tsa meru li etse litlatse tsa thabo,

pel’a Morena, hobane oa tla,

o tlil’o ahlola lefatše.

A ke a ahlole lefatše ka toka

le lichaba ka ‘nete hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus.      (18,12-14)

Molimo ha a batle hore ba eisehang ba lahlehe.

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ana lona le bona joang na? Ha motho a e-na le linku tse lekholo ‘me e ‘ngoe ea tsona e ka lahleha, ana a ke ke a siea tse mashome a robileng mono o le mong a nang le metso e robileng mono o le mong Iithabeng, a ea batla e lahlehileng?

‘Me ha ho ka etsahala hore a e fumane, ka ‘nete kea le bolella, o tla e thabela ho feta tse mashome a robileng mono o le mong a nang le metso e robileng mono o le mong tse sa kang tsa lahleha.

Ho joalo! Ha se thato ea Ntat’a lona ea maholimong, hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 Tšitoe 2023

Read Next

La 13 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular