Vinkmag ad

La 11 Tšitoe 2023

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (35,1-10)

“Molimo oa lona ke eo; o tla ho le pholosa.”

Lefeella le lefatše le omeletseng li ke li thabe, lehoatata le ke le nyakalle, le mele lipalesa. Le ke le mele lipalesa ka bongata, le tlale nyakallo, le mehoo ea thabo. Le filoe letlotlo la Lebanone, khanya ea Karmele le ea Sharone. Batho ba tla bona letlötlo la Morena, khanya ea Molimo oa rona.

Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise mangole a tšeremang. E-reng ho ba matsoalo a harohileng: Khothahalang, le se ke la tšaba. Molimo oa lona ke eo a e-tla ka phetetso, ka puseletso ea Molimo; o tla ho le pholosa.

Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsèbè tsa bo-tutu li thibolohe. Sehlotsa se tla tlola joaloka khama, leleme la semumu le hoeletse ka thabo. Metsi a tla kolla feelleng, melatsoana e phalle lehoatateng. Naha e cheleng ke letsatsi e tla fetoha letša le lefatše le nyoriloeng liliba tsa metsi.

Moo ho nanarang liphokojoe ho tla ba le mokhoabo o nang le lehlaka le loli. Teng ho tla ba le ‘mila o bitsoang Tsela e Halalelang. Ha ho ea sa hloekang ea tla feta ka eona, e tla ba ea sechaba sa hae ha se kena leetong, lithoto li ke ke tsa phaqola ka eona.

Ha ho tau e tla ba teng ho eona, sebata se harolang se ke ke sa beha leoto teng; empa ba tla tsamaea ka eona ke ba lopolotsoeng. Ba lokolotsoeng ke Morena ba tla khutla ka eona, ba fihle Sione ka mehoo ea thabo, khotso ea ka mehla e khanya lifahlehong tsa bona. Ba tla tleloa ke thabo le nyakallo, mahlomola le masisa-pelo li tla be li ile.

PESALEMA 84         (9-14. 35,4)

MOLIMO OA RONA KE EO A E-TLA HO RE PHOLOSA.

Ke rata ho utloa se boleloang ke Morena Molimo,

hobane o bua ka tsa khotso

le sechaba le metsoalle ea hae.

Ruri pholoho ea hae e haufi le ba mo tšabang,

tlotla ea hae e tla aha fatšeng la habo rona.

Mohau le ‘nete li tla khahlametsana,

toka le khotso li akane.

‘Nete e tla runya lefatšeng,

toka e lepelle le maholimong.

Morena ka sebele o tla fana ka tse molemo,

lefatše la röna le behe litholoana.

Toka e tla mo etella pele,

khotso eona e mo felehetse.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.   (5,17-26)

“Re bone lintho tse makatsang kajeno.”

Ka le leng la matsatsi, ha Jesu a ntse a ruta, ha etsahala hore Bafarisi le baruti ba molao, ba tsoang metsaneng eohle ea Galilea le ea Judea, le Jerusalema, ba Iule pel’a hae. ‘Me matla a Morena a n’a le teng ka ho eena ho folisa bakuli.

Eaba ho fihla banna ba jereng ka liphate motho ea omeletseng litho. Ba leka ho mo kenya ka tlung le ho ‘meha ka pele ho Jesu. Empa ha ba sa fumane moo ba ka mo kenyang le teng, ka baka la let’soele, ba hloella holim’a ntlo ‘me ba mo theolela le marulelong, ka liphate tsa hae, ka pele ho Jesu. Eitse ha a bona tumelo ea bona, a re: Motsoalle, u tšoaretsoe libe tsa hao!

Bangoli le Bafarisi ba qala ho nahana le ho re: Na enoa ke mang ea nyefolang? Ana ke mang ea ka tšoarelang libe, ha e se Molimo feela? Empa Jesu ka ho tseba menahano ea bona, a araba, a re ho bona: Ana le nahana’ng ka lipelong tsa lona? Hleka ho bonolo ho feta ke hofe, ha e le ho re: U tšoaretsoe libe tsa hao, kapa ho re: Tsoha, u tsamaee. Joale hore le tle le tsebe hore Mor’a motho o na le matla lefatšeng a ho tšoarela libe, a re ho motho ea omeletseng litho: tsoha, u nke liphate tsa hao, ‘me u ikele tlung ea hao.

Ka nako le motsotso a ema pela bona, a nka liphate tseo a neng a robetse ho tsona, ‘me a ikela tlung ea hae, a ntse a tlotlisa Molimo. Bohle ba hlolloa ‘me ba tlotlisa Molimo. Ba tlala tšabo, ba re: Re bone lintho tse makatsang kajeno.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Tšitoe 2023

Read Next

La 12 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular