Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia (30,19-2123-26)
“Ha le llela thuso, Molimo o tla le hauhela. Hang ha a le utloa, o tla le araba.”
Ke sena seo Morena Molimo, Ea halalelang oa Israele, a se bolelang: lona sechaba sa Sione, lona baahi ba Jerusalema, ha le sa tla seka meokho. Ha le llela thuso, Molimo o tla le hauhela; hang ha a le utloa, o tla le araba.
Ha Morena a se a le fetisitse mathateng le mahlomoleng, khaellong ea bohobe le metsi, ke moo ka mahlo le tla bona Ea le rutang: Ea le rutang ha a sa tla ipata. Leha le ka ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali, ka litsèbé le tla mo utloa a bua ka mor’a lona, a re: “Tsela ke ena, tsamaeang ka eona.” O tla nesetsa lijalo tseo le li lemmeng mobung pula; bohobe e leng tholoana ea mobu bo be monate bo khorise hantle. Mohlang oo, liphoofolo tsa lona li tla fula makhulong a phatlaletseng likhomo le liesele tse lemang li tla ja furu e nokiloeng ka letsoai, eo li tla e feptjoa ka bongata-ngata.
Thabeng e ‘ngoe le e ‘ngoe e telele, leralleng le leng le le leng le phahameng, ho tla theoha melatsoana le liphororo tsa metsi, tsatsing la polao ea sehloho, ha liqhobosheane li heleha.
Khanya ea khoeli e tla ka ea letsatsi, ‘me khanya ea letsatsi e tla ipheta ha supa, e ke khanya ea matsatsi a supileng, mohla Morena a tlamang maqeba a sechaba sa hae, ‘me a folisa matetetso a likotlo tsa hae.
PESALEMA 146 (1-6. 30,18)
HO LEHLOHONOLO BA LEBELLANG MORENA.
Rorisang Morena, hobane o molemo,
rokang Molimo oa röna ka lifela,
oa rateha ‘me o lokeloa ke thoriso.
Morena o aha Jerusalema bocha,
o phutha bana ba Israele ba qhalaneng.
O folisa ba pelo li matetetso, o tlama maqeba a bona,
o tseba palo ea linaleli,
o bitsa e ‘ngoe le e ‘ngoe ka lebitso.
Morena oa röna o moholo, o matla ‘ohle,
kelello ea hae e ke ke ea lekanngoa.
Morena o phallela ba hlophehileng,
ba khopo o ba lihela fatše.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (9,35-10,1.6-8)
Ha Jesu a bona matšoele, a a utloela bohloko.
Ka nako eo, Jesu o ne a e-ea le metse le metsana eohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a eona, a phatlalatsa Molaetsa o molemo oa ‘Muso, a folisa maloetse ‘ohle le bofokoli bohle. Eare ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, kahobane a ne a nyahame pelo, a saretsoe joaloka linku tse se nang molisa. Joale a re ho barutuoa ba hae: Kotulo e hlile e kholo, empa basebetsi ha ba bakae; ha ho le joalo, rapelang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae!
Hoba a bitse barutuoa ba hae ba leshome le metso e ‘meli, a ba neha matla holim’a meea e litšila, hore ba tle ba e Ieleke, ba folise maloetse ‘ohle le bofokoli bohle. Ba leshome le metso e ‘meli bana, Jesu a ba roma, a ba laela, a re: Le ee linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Israele. E re ha le ntse le e-ea, le rute, le re: ‘Muso oa maholimo o se o le haufi! Folisang bakuli, tsosang bafu, hloekisang balepera, Ielekang bademone. Le amohetse feela, fanang feela!
