Vinkmag ad

La 8 Tšitoe 2023

Labone

MOKETE OA KEMOLO E SE NANG SEKOLI EA MARIA

Ho ba Adama a je tholoana ea sefate, Morena Molimo a ‘mitsa, a re ho eena: U hokae? Adama a araba a re: Ke utloile liqi tsa hao serapeng, ka utloa ke tšaba hobane ke feela; ke ha ke ipata. Morena a re: Ke mang ea u lemositseng hore u feela? E seng u s’u jele tholoana ea sefate seo ke itseng: U se ke ua se khola?

Adama a re: Mosali eo u ‘nehileng eena hore re lule le eena, ke eena ea mphileng tholoana ea sefate, eaba kea ja. Morena Molimo a re ho mosali: U entse life? Mosali a araba, a re: Noha e nqhekeletse, ka ba ka ja.

Eaba Morena Molimo o re ho noha: E re ka ha u entse sena, u rohakehile har’a liphoofolo tsohle tse ruiloeng le tsa naha. U tla hohoba ka mpa, u je lerole ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba hao. Ke tla thoma bora lipakeng tsa hao le mosali, pakeng tsa lesika la hao le lesika la hae; Iona le tla u khoba hlooho, ‘me uena u tla le loma serethe.

Adama a reha mosali oa hae Eva, hobane e le ‘m’a bohle ba phelang.

Pesalema 97

BINELANG MORENA SEFELA SE SECHA, HOBANE O ENTSE TSE TSOTEHANG.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae.

Morena o bontšitse pholoho ea hae,

o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.

O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae

bakeng la ntlo ea Israele.

Liqola tsohle tsa lefatse

li bone pholoho ea Morena oa rona.

Lona mafatše ohle, etsetsang Morena litlatse,

hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese.(1, 3. 6.11.12)

“O ikhethetse rona ka Kriste, lefatše le e-s’o thehoe.”

Bana beso! Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rona Jesu Kriste ea re hlohonolofalitseng ka mahlohonolo ‘ohle a moea ho Kriste maholimong. O ikhethetse rona ka Kriste, lefatše le e-s’o thehoe, hore re be bahalaleli re hloke letheba mahlong a hae ‘me re phele ka lerato.

O ikhethetse rona, e sa le pele ho re etsa bana ba hae ka Jesu Kriste, ka mosa le ka boithatelo ba hae, ho tle ho rorisoe letlötlo la mohau oa hae, oo a re sitsitseng ka oona, ka baka la Mora oa hae ea ratehang.

Ke ho Kriste re entsoeng lefa la Molimo ka ho khethoa e sa le pele, ho ea ka thato ea Ea sebetsang tsohle ka ho rata ha hae feela, e le hore, thorisong ea letlotlo la hae, e tle e be rona ba tšepileng Kriste pele.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1, 26-38)

“Bona, u tla emola popelong, u belehe mora.”

Khoeling ea botšelela, Ienyeloi Gabriele la romeloa ke Molimo motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, ho Movirigo ea neng a qetsoe ke monna ea bitsoang Josefa, oa ntlo ea Davida. Lebitso la Movirigo e ne e le Maria.

Lenyeloi la fihla ho eena, la re: Ahe ea tlotliloeng haholo, Morena o na le uena; u lehohonolo har’a basali. A ferekanngoa ke lentsoe lena, ‘me a ipotsa hore na tumeliso ena e bolela’ng.

Eaba lenyeloi le re ho eena: Se tšabe Maria, hobane u fumane mohau ho Molimo.

Bona, u tla emola popelong, u belehe mora, ‘me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo, a bitsoe Mora oa Ea holimo-limo. Morena Molimo o tla mo neha terone ea Davida ntat’ae: o tla rena holim’a ntlo ea Jakobo ka bosafeleng, ‘me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.

Maria a re ho lenyeloi: Hoo ho tla etsahala joang, ha e le moo ke sa tsebe monna? Lenyeloi la araba, la re ho eena: Moea o Halalelang o tla theohela ho uena, ‘me matla a Ea holimo-limo a tla u haeletsa. Ka baka leo Ea halalelang ea tla belehuoa ke uena o tla bitsoa Mora oa Molimo. Le eena Elisabetha, mohaeno, o emotse mora botsofaling ba hae, ‘me ena ke khoeli ea botšelela ho eo ea neng a bitsoa nyopa; hobane ha ho letho le ka sitang Molimo.

Ke ha Maria a re: Ke ‘na enoa Lekhabunyane la Morena; ha ho ke ho etsoe ho ‘na ka ho ea ka polelo ea hao. ‘Me lenyeloi la mo siea.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Tšitoe 2023

Read Next

La 9 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular