Vinkmag ad

La 6 Tšitoe 2023

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia (25, 6-10

Morena o re memela moketeng oa hae oa linonneng ‘me o hlakola meokho sefahlehong se seng le se seng.

Ka letsatsi leo, thabeng ena ea Sione Morena oa makhotla o tla lokisetsa lichaba tsohle mokete oa lijo tsa linonneng, oa liveine tse monate-nate, oa nama tse moro o mafura, oa liveine tse tlhotlehileng hantle.

Thabeng ena o tla felisa khurumetso e koahetseng lichaba tsohle, le lesira le sirileng merabe eohle. O tla felisa lefu ho isa khale. Morena Molimo o tla hlakola meokho lifahlehong tsa bohle; lefatšeng lohle a tlose sekhobo sa sechaba sa hae. Morena o buile.

Mohlang oo, ho tla thoe: Enoa ke eena Molimo oa rona, eo re lebeletseng hore o tla re pholosa: ke eena Morena eo re mo lebeletseng. A re nyakalleng, re thabeng hobane oa re pholosa. Efela letsoho la Morena le holim’a thaba ena.

PESALEMA 22 (1-3.5-6. 6)

KE TLA LULA KA TLUNG EA MORENA HA FEELA KE NTSE KE PHELA.

Morena ke molisa oa ka, nke ke ka hloka letho.

O nkatla makhulong a matalana.

O ntsamaisetsa metsing a khutsitseng,

o matlafatsa bophelo ba ka.

O ntataisa tseleng e nepahetseng

ho tlotlisa lebitso Ia hae.

Leha nka tsamaea khohlong e Iefifi ba lefu,

ha ke tšabe bobe bofe kapa bofe, hobane u na le na

U ntekela tafole

pontšeng ea lira tsa ka,

u ntlotsa hlooho ka oli,

mohope oa ka oa khaphatseha.

Efela lehlohonolo le mohau li tla mphelehetsa

ka matsatsi ‘ohle a bophelo ba ka;

ke tla lula ka tlung ea Morena

ha feela ke ntse ke phela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (15, 29-37)

Jesu o folisa ba bangata ‘me o atisa mahobe.

Ka nako eo, Jesu a tla lebopong Ia leoatle Ia Galilea, a ba a nyolohela thabeng, a lula teng. Eaba matšoele a mangata a tla ho eena, a e-na le liritsa, ba holofetseng, lifofu, limumu, le ba bang ba bangata, ‘me ba behoa maotong a hae, a ba folisa. Ke moo letšoele le ileng Ia makala ha le bona limumu li bua, ba holofetseng ba phela hantle, liritsa li tsamaea, lifofu li bona; eaba ba tlotlisa Molimo oa Israele.

Jesu a bitsetsa barutuoa ba hae ho eena, a re: “Ke utloela letšoele lena bohloko, hobane e se e le matsatsi a mararo batho bana ba e-na le ‘na, ‘me ha ba sa na seo ba ka se jang. Ebile ha ke rate ho ba qhala ka tlala, esere mohlomong ba felloa ke matla tseleng.”

Barutuoa ba hae ba re ho eena: Feelleng moo, mahobe a ka lekanang ho khorisa letšoele le lekale, re tla a nka kae?” Jesu a re ho bona: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng, Ie litlhatsoana tse seng kae.”

Hoba a laele letšoele ho lula fatše, a nka mahobe a supileng le litlhapi, ‘me hoba a lebohe, a a ngoatha, a a neha barutuoa ba hae, barutuoa bona ba fa letšoele. Bohle ba e-ja, ba khora, eaba ho bokelloa marathana a setseng, a etsang liroto tse supileng tse tletseng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Tšitoe 2023

Read Next

La 7 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular