Vinkmag ad

La 5 Tšitoe 2023

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia (11,1-10)

 “Moea oa Morena o tla lula ho eena.”

Lehlomela le tla hlaha kutung ea Jesse, letlobo le hlomele metsong ea hae; Moea oa Morena o tla lula ho eena, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa tšabo ea Morena: o tla phela ka tšabo ea Morena.

A ke ke a ahlola ka ho ea ka tšobotsi, leha e le ho liha nyeoe ka ho mamela bo-ba-re; empa o tla ahlolela bahloki ka toka, a lihe nyeoe ka ho emela ba eisehang ba naha ea hae.

Lentsoe la hae e tla ba molamu o otlang ba sehloho, pululo ea molomo oa hae e tla bolaea ba khopo. Toka e tla ba leqhama la letheka la hae, ‘nete e be eona senyepa sa hae.

Lekanyane le konyana Ii tla lulisana, lengau le bothe le potsanyane, namane le taoana li hole ‘moho, li khannoe ke ngoana e monyenyane. Khomo le bere li tla fula ‘moho, namane le lelinyane la tsona li bothe ‘moho; tau e tla fula joang joaloka khomo. Lesea le tla ipapalla mokoting oa masumu, ngoana a kenye letsoho lefarung la marabe.

Ha ho sa tla ba le kotsi leha e le tšenyo kahohle thabeng e halalelang ea ka, hobane naha eohle e tla apareloa ke tsebo ea Morena, joaloka ha metsi a tlala leoatle.

Mohlang oo, ea tsoileng kutung ea Jesse o tla behoa e le folaga ea lichaba; lichaba li tla mo batla, moo a ahileng teng e tla ba sebaka se tummeng.

PESALEMA 71 (1-2.7-8.12-13.17.7)

TŠIUNG TSA HAE TOKA E TLA ATA, LE KHOTSO EA ‘NETE HO ISA MENGOAHENG EA MENGOAHA.

Oho Molimo, ak’u nehe khosi matla a hao a ho ahlola,

ho mora oa khosi toka ea hao,

a tle a ahlole sechaba sa hao ka toka,

le mafutsana a hao ntle le leeme.

Tšiung tsa hae toka e tla ata,

le khotso ea ‘nete ho fihlela khoeli e fella ruri.

O tla rena ho tloha leoatleng le leng

ho ea kena ho le leng.

le ho tloha Nokeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.

Hobane o tla pholosa mohloki ea Ilang,

le mohlophehi ea se nang mothusi.

O tla utloela mofokoli le mohloki bohloko,

‘me a pholose bophelo ba mafutsana.

Lebitso la hae le se ke la lebaloa ho isa khale,

le ‘ne le hopoloe ha feela letsatsi le ntse le chaba.

Merabe eohle ea Iefatše e tla hlohonolofala ka eena,

lichaba tsohle li tla ‘mitsa ea lehlohonolo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (10, 21-24)

Jesu a nyakalla ho Moea o Halalelang.

Nakong eo, Jesu a nyakalla ho Moea o Halalelang, ‘me a re: Kea u tlotlisa, Ntate, Morena oa leholimo le oa lefatše, ha u patetse ba bohlale le ba seli litaba tseo ‘me u li senoletse ba banyenyane. Ahe. Ntate hobane u khahliloe joalo. Ke nehiloe tsohle ke Ntate, ‘me ha ho ea tsebang na Mora ke mang, ha e se Ntate, le hore na Ntate ke mang, ha e se Mora le eo Mora a tla rata ho mo senolela eena.

‘Me Jesu a retelehela ho barutuoa ba hae, a re: Ho lehlohonolo mahlo a bonang seo le se bonang! Hobane ke re ho lona, baprofeta le marena a mangata a ratile ho bona tseo le li bonang, ‘me ha a ka a Ii bona, le ho utloa tseo le li utloang ‘me ha a ka a li utloa!

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Tšitoe 2023

Read Next

La 6 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular