Vinkmag ad

La 4 Tšitoe 2023

Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (2,1-5)

Morena o bokella lichaba tsohle hammoho khotsong e sa feleng ea ‘Muso oa Molimo.

Taba eo Isaia, mor’a Amose, a e senoletsoeng malebana le Juda le Jerusalema. Ho tla etsahala ka nako tse tlang hore thaba ea Tempele ea Morena e phahamisoe ho feta tse ling, e phahamele maralla ‘ohle. Lichaba tsohle li tla phallela teng, merabe e mengata e mathele teng, e re: Tlong, a re nyoloheleng thabeng ea Morena, Tlung ea Molimo oa Jakobo, hore a re rute litsela tsa hae, re tle re tsamaee ka litselana tsa hae. Hobane molao o tsoa Sione, le lentsoe la Morena Jerusalema.

O tla ahlola lichaba, a namolele merabe e mengata. Batho ba tla khoba lisabole tsa bona, ba etse mehoma; le marumo a bona, ba etse lisekele. Lichaba ha li sa tla nkelana lisabole, ha li sa tla rutoa ho loana. Lona ba ntlo ea Jakobo, tloong, re tsamaeeng leseling la Morena.

Pesalema 121(1-4.8.9.I)

KE ILE KA THABA HA HO THOE HO ‘NA: A RE EENG TLUNG EA MORENA.

Ke ile ka thaba ha ho thoe ho ‘na:

“A re eeng Tlung ea Morena.”

Joale maoto a röna a se a hatile

likhorong tsa hao, uena Jerusalema.

Jerusalema e ahiloe e le motse

oo tsohle tsa oona li matahaneng hamonate.

Meloko eohle, e leng meloko ea Morena,

e nyolohela teng ho boka Morena.

Ka baka la bana beso le metsoalle ea ka

ke tla re: “Khotso e be le uena.”

Ka baka la ntlo ea Morena, Molimo oa röna,

ke tla u kopela boiketlo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (8, 5-11)

“Ba bangata ba tla tsoa Bochabela le Bophirimela ba tla lula ‘Musong oa maholimo.”

Eare ha Jesu a kena Kafarnauma, molaoli e mong oa lekholo a tla ho eena, a mo rapela, a re: “Morena, mohlanka oa ka o liphateng ka tlung ea ka ke ho omella litho, ‘me o opeloa hampe haholo.” Jesu a re ho eena: “Ke tla tla mo folisa.”

Molaoli oa lekholo a fetola, a re: “Morena, ha ke tšoanele hore u kene ka tlung ea ka; u mpe u laele feela, ‘me mohlanka o tla fola, Hobane leha ke le motho ea tlas’a taolo, le ‘na ke na le masole a tlas’a ka, ‘me ha ke re ho lena “e-ea”, le ee le ee, le ho le leng “tloo,” le ee le tle, le ho mohlanka oa ka “etsa tjena,” o’a etse.

Eare ha Jesu a mo utloa, a makala, a re ho ba mo latetseng: ”Ruri kea le bolella, ha ke e-s’o ka ke fumana tumelo e kana ho mang kapa mang Israeleng. Joale kea le bolella: ba bangata ba tla tsoa Bochabela le Bophirimela, ba be lijong le Abrahama, Isaaka le Jakobo ‘musong oa maholimo.”

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Tšitoe 2023

Read Next

La 5 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular