Vinkmag ad

La 2 Tšitoe 2023

Labotšelela

 Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Daniele. (7,15-27)

“Borena, le matla li tla nehoa sechaba sa bahalaleli ba Ea-holimo-limo.”

‘Na Daniele, ka utloa moea oa ka o ferekane ke tsena, ka tšosoa ke lipono tseo ke bileng le tsona ka hlohong. Ka atamela pel’a e mong oa ba neng ba eme moo, ka mo kopa ho nqaqisetsa hore na hantle-ntle tsena li bolela’ng. A nkaraba ‘me a ntlhalosetsa, a re: “Libatana tsena tse ‘ne tse kholo ke likhosi tse ‘ne tse tla hlaha lefatšeng. Empa bahalaleli ba Ea holimo-limo, ke bona ba tla amohela ‘muso, ba o rue ka mehla le mehla.”

Joale ka rata ho tseba ‘nete ka sebatana sa bone, se neng se sa tšoane le tse ling, se tšabeha hampe, se e-na le meno a tšepe le linala tsa koporo, se e-ja se robokella, se hatakela ho setseng ka maoto.

Ka rata hape ho tseba ‘nete ka linaka tse leshome tse hlohong ea sona; le ka le leng leo, eitseng ha le hlaha, tse ling tse tharo tse ileng tsa khomoha pel’a Iona, ebile e le lenaka le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le bonahala le feta tse ling ka boholo. Ke ne ke ile ka bona lenaka leo le Ioantša bahalaleli, le bile le ba hlola, ho fihlela Mokakala oa matsatsi a fihla, ho tla ahlolela bahalaleli ba Ea holimo-limo, le ho fihlela nakong eo bahalaleli ba tla rua ‘muso ka eona.

A hlalosa joana: “Sebatana sa bone ke ‘muso oa bone o tla ba lefatšeng, o sa tl’o tšoana le mebuso e meng eohle. O tla ja lefatše lohle, o le thuhe, o le silile. Linaka tse leshome ke likhosi tse leshome, tse tla hlaha ‘musong oo. Ka morao ho tsona, ho tla hlaha e ‘ngoe e ke keng ea tšoana le tse bileng teng pele ho eona, e tla liha likhosi tse tharo.

Eona e tla Ioantša Ea holimo-limo ka lipuo tsa eona, e hatelle bahalaleli ba Ea holimo-limo, e rere ho fetola linako tsa mekete le molao. Bahalaleli ba tla lahleloa liatleng tsa khosi eo selemo, lemo tse peli le karolo ea bobeli ea selemo.

Empa lekhotla le tla lula, khosi e amohuoe borena, bo timetsoe, bo be bo felisetsoe ruri. Borena, puso le matla a mebuso eohle e ka tlas’a letsatsi li tla nehoa sechaba sa bahalaleli ba Ea holimo-limo, eo ‘muso oa hae e leng ‘muso o sa feleng, ‘me mebuso eohle e tla mo sebeletsa, e mo mamele.”

PESALEMA (3, 82-87. 59)

 MO RORISENG LE MO PHAFE KA BOSAFELENG.

 Bokang Morena, lona batho bohle,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Boka Morena, uena Israele,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona baprista ba Morena,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona bahlanka ba Morena,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona meea le lipelo tsa ba lokileng,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona ba halalelang,

ba pelo li ikokobelitseng,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (21, 34-36)

“Falimehang, le tle le lokele ho phonyohela tsena tsohle tse tlang ho tla.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le iponele ke hona, e se re mohlomong lipelo tsa löna tsa imeloa ke bonyollo le botaoa le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ‘me letsatsi lena la le tsometsa hang. Hobane le tla oela bohle ba ahileng lefatšeng joaloka sefi.

Ka baka leo, falimehang ‘me le rapele ka nako eohle le tle le lokele ho phonyohela tsena tsohle tse tlang ho tla, le ho ema pel’a Mor’a motho.

Vinkmag ad

Read Previous

       La 1 Tšitoe 2023

Read Next

La 4 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular