Vinkmag ad

       La 1 Tšitoe 2023

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Daniele. (7,2-11)

“E mong ea ka Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo.”

Ka boha liponong tsa bosiu, ‘me ka bona meea e hlahang qoleng tse ‘ne tsa leholimo e fuluha ka matla Leoatle le Leholo. Libatana tse ‘ne tse kholo tsa nyoloha leoatleng; ho n’o se se tšoanang le se seng.

Sa pele se ne se ka tau, se e-na le mapheo a ntsu. Ha ke ntse ke shebile, ka bona se hlothoa mapheo, ‘me se phahamisoa fatše, se emisoa ka maoto joaloka motho, se nehoa kelello ea motho.

Ha hlaha sebatana sa bobeli, se tšoanang le bere. Se ne se phahame ka lehlakoreng le leng, molomong se tšoere khopo tse tharo ka meno. Ha thoe ho sona: “Phahama, u je nama e ngata. Kamor’a moo, ha ke boela ke talima, ka bona sebatana se seng, se kang lengau, mokokotlong se e-na le mapheo a mane a kang a nonyana; sebatana seo se ne se e-na le lihloho tse ‘ne. Eaba se nehoa borena.

Kamor’a moo, ha ke boha liponong tsa bosiu, ka bona sebatana se seng hape, sa bone, se tšabehang ‘me se nyarosang, se matla haholo. Se ne se e-na le meno a maholo a tšepe; se ne se ja, se robokella, se be se hatakele ho setseng ka maoto. Se ne se sa ts’oane le libatana tse ling tseo ke li boneng pele. Se ne se le linaka tse leshome.

Eitse ha ke sheba linaka tseo, ka bona lenaka le leng le lenyane le hlaha pakeng tsa tse ling; linaka tse tharo tsa pele tsa khomoloa ho le suthela. Lenaka leo le ne le e-na le mahlo a kang a motho, le molomo o buang ka boikakaso.

Ha ke ntse ke shebile, ka bona ho behoa litorone. Mokakala oa matsatsi a lula; seaparo sa hae se ne se le sesoeu joaloka lehloa, moriri oa hloho ea hae o n’o ka boea bo hloekileng. Terone ea hae e n’e le malakabe a mollo, le mabili a eona e le mollo o tukang. Noka ea mollo e ne e tsoa moo a lutseng, e phalla pel’a hae. Ba likete-kete ba ne ba mo sebeletsa, ba mashome-shome a likete ba ne ba eme pel’a hae. Lekhotla la lula, libuka tsa phetloa.

Ke ne ke ntse ke utloa lipolelo tsa boikakaso tse neng li boleloa ke lenaka. Eare ha ke ntse ke shebile, ka bona sebatana seo se bolaoa, ‘mele oa sona o timetsoa, o akheloa mollong hore o che. Ha e le libatana tse ling, tsa amohuoa borena, empa sa ekeletsoa bophelo ho isa nakong le motsotsong o behiloeng.

Ka bona e mong ea kang Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, a leba ho Mokakala oa matsatsi, a tlisoa ho eena. A nehoa puso le hlompho le borena; ‘me ba merabe eohle le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle ba mo sebeletsa. Puso ea hae ke puso e sa feleng, e ke keng ea feta; ‘me ‘muso oa hae o ke ke oa timetsoa.

PESALEMA (3, 75-81. 59)

Mo roriseng le mo phafeng ka bosafeleng

Bokang Morena, lona lithaba le maralla,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona tsohle tse melang mobung,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona liliba,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona maoatle le linoka,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona likhanyapa

le tsohle tse phelang metsing,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona linonyana tsohle tsa leholimo,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona liphoofolo

 tsa naha le tse ruuoang,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.  (21,29-33)

“Ha le bona tseo li etsahala, tsebang hore ‘muso oa Molimo o haufi.”

Ka nako eo Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso a re: Bonang sefate sa feiga le lifate tse ling tsohle. Ha li se li hlahisa monoko, le tseba ka bo-lona, hore joale lehlabula le haufi. Ka mokhoa o joalo, le lona ha le bona tseo li etsahala, tsebang hore ‘Muso oa Molimo o haufi.

Ka ‘nete ke re ho lona, moloko ona o ke ke oa feta, tsohle tseo li e-s’o etsahale. Leholimo le lefats’e li tla feta, empa mantsoe a ka a ke ke a feta.

Vinkmag ad

Read Previous

Seoli o nyahlatsa bopresident

Read Next

La 2 Tšitoe 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular