Vinkmag ad

La 29 Pulungoana 2023

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Daniele (5,1-6.13-14.16-17.23-28)

“Ha hlaha menoana ea letsoho la motho, ea qala ho ngola”

Matsatsing ao, Khosi Belshazare o ile a etsetsa mahosana a hae a sekete mokete o moholo oa Iijo, ‘me a noa veine pel’a batho bao ba sekete. Ha Belshazare a se a khotše veine, a laela hore ho tlisoe Iijana tsa gauda le tsa silvera tseo ntat’ae Nebukadnezare a neng a Ii hape Tempeleng ea Jerusalema, hore eena khosi, mahosana a hae, basali ba hae le libini tsa hae tsa basetsana, ba noelle Iijaneng tseo.

Eaba ho tlisoa Iijana tsa gauda tse hapiloeng Tempeleng, Tlung ea Molimo e Jerusalema; ‘me khosi, mahosana a eona, basali ba eona le libini tsa eona tsa basetsana, ba noella Iijaneng tseo. Ba e-noa veine ba ntse ba roka melimo ea bona ea gauda, ea silvera, ea koporo, ea tšepe, ea sefate le ea lejoe.

Ka nako le motsotso, ha hlaha menoana ea letsoho la motho, ea qala ho ngola leboteng la ntlo ea borena, malebana le lebone. Khosi ea bona seatla ha se ngola. Sefahleho sa khosi sa fetoha hang, mehopolo ea eona ea ferekana, manonyeletso a linoka a khoehla, mangoele a otlana.

 Eaba Daniele o tlisoa ka pel’a khosi. Khosi ea botsa Daniele, ea re: “Na ke uena Daniele, e mong oa ba kholehong ba tsoang Juda, bao khosi ntate a ileng a ba lata Juda? Ke utloile ho thoe ka uena, moea oa Molimo o ka ho uena, le hore ho fumanoe leseli, kutloisiso le bohlale bo makatsang ho uena. Ke utloile hape ho thoe ka uena, u tseba ho hlalosa litoro le ho qhaqholla mathata. Joale, ha u ka bala se ngotsoeng moo, ua ntlhalosetsa sona, u tla apesoa tsa purepera, u roesoe khabiso ea gauda molaleng, e be uena oa boraro ‘musong oa ka”.

Daniele a araba khosi, a re: “Ipolokele limpho tsa hao, lithelo tsa hao u Ii fe ba bang. Leha ho le joalo, ke tla balla khosi se ngotsoeng, ke e hlalosetse sona.”

U ikhantšelitse Morena oa maholimo, ua laela hore u tlisetsoe Iijana tsa Ntlo ea hae; ‘me uena, mahosana a hao, basali ba hao le libini tsa hao tsa basetsana, la noella veine Iijaneng tseo. Ua ba ua roka melimo ea silvera, ea gauda, ea koporo, ea tšepe, ea sefate le ea lejoe, e sa boneng, e sa utloeng ‘me e sa tsebeng letho. Athe Molimo eo bophelo ba hao, ‘moho le tsohle tse u hlahelang, Ii leng matsohong a hae, ha ua ka ua mo fa tlotla. Ke eena ea rometseng letsoho le seatla ho ngola sena se ngotsoeng”.

Joale se ngotsoeng ke sena: ‘Mene, Tekel, Upharsin’. Tlhaloso ke ena: ‘Mene’ ke hore Molimo ‘o lekantse ‘muso oa hao ‘me o o felisitse. ‘Tekel’ ke ho re ‘u behiloe sekaleng’, ‘me u fumanoe u le boima bo fokolang. ‘Upharsin’ ke hore ‘muso oa hao ‘o arotsoe’, ‘me o nehiloe ba-Mede le ba-Persia.”

PESALEMA (3,62-67. 59)

MO RORISENG LE MO PHAFE KA BOSAFELENG.

Bokang Morena, lona letsatsi le khoeli,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona Iinaleli tsa leholimo,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng,

Bokang Morena, lona pula le phoka eohle,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona meea eohle,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona mollo le lebatama,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Bokang Morena, lona mohatsela le mocheso,

mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (21,12-19)

“Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ha ho le qoba ea moriri e tla timela hlohong tsa lona.”

Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ba tla le isa matsoho, ba le hlorise, ba nehelane ka lona matlung a thapelo le literonkong, ba le hulanyetse ka pele ho marena le babusi ka baka la lebitso la ka. Hona ho tla hlahela e le bopaki.

Ka baka leo, ho hlake kelellong tsa lona hore ha le hloke ho ingama-ngama ka hore le tla araba joang. Ke ‘na ea tla le neha molomo le bohlale, boo lira tsa lona li tla sitoa ho bo Ioantša le ho bo hanyetsa. Le tla be le ekoe ke batsoali ba lona, bana babo lona, bang-ka-lona, le metsoalle ea lona, ba be ba bolaee ba bang ba lona: ‘me le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka. Empa ha ho le qoba ea moriri e tla timela hlohong tsa lona. Ka mamello ea lona, le tla pholosa bophelo ba lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Pulungoana 2023

Read Next

30 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular