Vinkmag ad

La 25 Pulungoana 2023

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Bo-Makabea (6,1-13)

“Ke shoa ke pelo-bohloko ka baka la bobe boo ke bo entseng Jerusalema.”

Matsatsing ao, ha Khosi Antioke a nts’a ea le linaha tse ka holimo, a utloa hore Persia ho na le motse o bitsoang Elimaise, o tummeng ka maruo a silvera le a gauda; le hore tempele ea moo e tletse matlotlo a mangata, e na le lithebe tsa gauda, liaparo tsa bosole le lihlomo tse siiloeng moo ke Alexander mor’a Filippi, Khosi ea Makedonia, ‘me eo e bileng eena Khosi ea pele ea Ma-Gerike. Eaba Antioke oa ea, a leka ho hapa motse, le ho inkela matlotlo a oona; a mpa a sitoa ka ha baahi ba oona ba ile ba tseba morero oa hae.

Ba mo imela ntoeng; a ba a baleha, a tloha moo ho khutlela Babilone, a utloile bohloko haholo. O n’a sa le Persia, ha ho fihla leqosa le mo tsebisang hore mabotho a neng a futuhetse naha ea Juda a harasantsoe; esitana le Lisiase ea neng a futuha ka mphi e matla a chechisoa ke Bajuda ba neng ba se ba ikatetse ka lihlomo le thepa e ngata eo ba neng ba e hapile ho mabotho a lira tseo ba li hlotseng.

Hape Bajuda ba lihetse fatše tlontlollo eo a neng a e ahile holim’a aletare Jerusalema; ba bile ba likalikelitse joaloka pele Qalo e Hala!elang, ka marako a phahameng; ba entse joalo le motseng oa Betsura. Eitse ha khosi Antioke a utloa tsena, a nyaroha habohloko, a ferekana hampe, a ba a ea itahlela liphateng, a kula ke pelo-bohloko, hobane ha hoa phethahala kamoo a neng a lakalitse kateng.

A robala liphateng matsatsi a mangata, bohloko bo boholo ba pelo bo   ntse bo mo tšoara nako le nako, ‘me a elelloa hore a ka ‘na a shoa. Eaba o bitsa metsoalle eohle ea hae a re ho eona:

 “Mahlo a ka ha a sa tseba boroko, pelo ea ka e imetsoe ke ho ngongoreha: Ke bua ka pelo, ke re: Ho tlile joang hore ebe ke sesa hara mathata a makana, ‘na ke neng ke le motho ea molemo, ea ratuoang ha ke sa le matla! Empa joale ke hopola bobe boo ke bo entseng Jerusalema, ka ho nka lintho tsohle tsa silvera le tsa gauda tse neng li le moo ‘me ka lae!a hore ho timetsoe baahi ba Juda ntle ho lebaka. Ke utloisisa hore ke ka mabaka ao ke oetsoeng ke bomalimabe bo tjena ‘me ke shoang ke pelo-bohloko naheng esele”.

PESALEMA 9              (2-3.4.6.16.19.16)

MORENA, KE THABILE, HOBANE U MPHOLOSITSE

Ke tla u boka ka pelo eohle ea ka, Morena,

ke tla phatlalatsa liketso tsohle

tse tsotehang tsa hao.

Ke tla thaba, ke nyakalle ka uena,

ke roke lebitso la hao ka lifela,

uena Ea holimo-limo.

Lira tsa ka li chechile ka santhao,

tsa soahlamana, tsa timela ha u hlaha.

U khalemetse lichaba, u timelitse ea khopo,

lebitso la bona u le hlakotse ho isa khale.

Lichaba li tloletse ka lemeneng

leo li le chekileng,

li tšoasitsoe maoto ke leraba leo li le chehileng,

hobane mofutsana a ke ke a lebaloa

ka mengoaha e melelele,

le tšepo ea ba hlophehileng

e ke ke ea nyopa ka mehla

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (20,27-40)

“Molimo ha se oa ba shoeleng, empa ke oa ba phelang”.

Ka nako eo, ha tla ho Jesu ba bang ba Basadukke ba latolang tsoho ea bafu, ba ‘motsa, ba re: Moruti Moshe o re ngoletse molao o reng: Ha ngoan’abo motho e mong a e-shoa a sia mosali, empa a se na bana, ngoan’abo mofu a nyale mosali eo ‘me a tsosetse ngoan’abo leloko.

Joale, ho ne ho le teng bara ba motho ba supileng. Oa pele a nyala mosali ‘me a shoa a se na bana. Ea mo hlahlamang a nka mosali eo; ‘me le eena a shoa a se na ngoana; kamorao le oa boraro a etsa joalo, ‘me ha e-ba joalo ho bona ba supileng: kaofela ba e-shoa ba sa siee bana. Ka mora’ bohle Ie eena mosali a shoa. Joale, mohla tsoho ea bafu e tla ba mosali oa ofe ho bona, ha e le moo e n’e le mosali oa banna ba supileng?

Jesu a re ho bona: Bana ba lefatše lena ba nyala ‘me ba nyaloa; empa ba tla fumanoa e le ba tšoanelang lefatše le tlang le tsoho ea bafu, ba ke ke ba nyala leha e le ho nyaloa. Le hona ke bana ba Molimo, ka ha ba e-na le kabelo tsohong. Ha e le hore bafu ba tla tsoha, Moshe le eena a Ie bontša joalo litabeng tsa sehlahla se tukang, ha a re Morena ke Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo. Joale Molimo ha se oa ba shoeleng, empa ke oa ba phelang; efela bohle ba phelela eena.

Eaba ba bang ba bangoli ba araba, ba re: Moruti, u buile hantle. ‘Me ha ba ka ba hlola ba e-ba le sebete sa ho ‘motsa taba leha e le ‘ngoe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 24 Pulungoana 2023

Read Next

La 27 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular