Vinkmag ad

Bo bolaisa 34Millione ea LEC leino

 Bahlanka ba bane ba Kamphani ea Motlakase Lesotho (LEC) ba bokellang mekoloto ho likhoebo tse kolotang LEC, ba itjella 34millione ka ho bokella mekoloto ka lebitso la LEC, ebe ba hlakola likhoebo tse joalo lenaneng la tse kolotang LEC. Litaba tsena li  hlahelletse tulong ea PAC le LEC, ka la 7 Pulungoana monongoaha.

Bahlanka ba babeli ba hlalosoa ba ile ba itokolla mosebetsing  kamor’a ho  elelloa hore ba fumanoe ba nkha lefotha bosholung ba chelete ena, ba ile ba fuoa lichelete  tsa bona kaofela. Ba babeli ba ile ba emela molato oa bona, ba ntse ba le tšebetsong ‘me ba nketsoe methati ea  khalemo ba nt’o lelekoa hang kamor’a eona,   ‘me bona ba tla lefshoa  litsiane ho latela tšebetso ea bona ea nako e telele.

Mookameli oa  LEC, Monghali Mohlomi Seitlheko, o tiiselitse PAC hore LEC e tla be  e butse  nyeoe sepoleseng kamor’a libeke tse peli, ho nkela bahlanka bao likhato tsa molao.

Tulo ena e ntse e tsoelapele.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Pulungoana 2023

Read Next

La 20 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular