Vinkmag ad

30 Pulungoana 2023

Mokete oa Andreas ea halalelang Moapostola

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba Roma. (10, 9-18)

“Tumelo e tsoaloa ke ho utloa, ho utloa hona ho hlaha ka thuto ea Kriste.”

Bana beso! ha u bolela ka molomo oa hao hore Jesu ke Morena, ‘me u lumela ka pelo ea hao hore Molimo o mo tsositse bafung, u tla pholoha.

Ho lumela ka pelo ke hona ho isang motho ho lokeng, athe ho bolela tumelo ka molomo ho isa motho pholohong. Etsoe Mangolo a re: Mang le mang ea lumelang ho eena a ke ke tlontlolleha. Ka baka leo, ha ho khethollo ea Mojudi le Legerike, hobane Morena oa bohle o mong, ea sitsang ka bongata ba mahlohonolo a hae bohle ba ipiletsang ho eena. Efela mang le mang ea tla ipiletsa ho Morena o tla pholoha.

Empa ba tla rapela joang eo ba sa lumelang ho eena na? Le teng ba tla lumela joang ho eo ba sa kang ba utloa letho ka eena na? Hona ba tla utloa joang, ha ho se ea ba rutang na? Hape ba ka hla ba ruta joang ba sa rongoa na? Joaloka ha ho ngoliloe, ho thoe: A matle hakakang maoto a ba phatlalatsang Molaetsa oa khotso, molaetsa oa tse molemo!

Empa, ha se bohle ba mametseng Evangeli. Ke ka hona, Isaia a reng: Morena ke mang ea lumetseng seo a se utloileng ho rona na? Ha ho le joalo, tumelo e tsoaloa ke ho utloa, ho utloa hona ho hlaka ka thuto ea Kriste. Joale kea botsa, ke re: Na ha ba ka ba utloa na? E, ba utloile. Lentsoe la bona le ile la phatlalla ka lefatše lohle, ‘me lipolelo tsa bona tsa ea finyella lipheletsong tsa lefatše.

Pesalema 18 (2-5.5)

Seo li se bolelang se phatlalla le lefatše lohle

Maholimo a bolela letlotlo la Molimo,

‘me sebaka sa maholimo

se phatlalatsa mosebetsi oa liatla tsa hae.

Matsatsi a joetsana taba eo,

Masiu a neheletsana tsebo eo.

Ntle le puo, ntle le lipolelo,

Ntle le molumo oa lentsoe.

Empa seo li se bolelang

se phatlalla le lefatše lohle,

molaetsa oa tsona o finyella

le pheletsong tsa lefatše.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (4,18-22)

“Ba sia matlooa a bona hang, ba mo latela.”

Ka nako eo, Jesu a tsamaea a sika le leoatle la Galilea, a bona bara ba babeli ba motho, Simone ea bitsoang Peterosi le Andreas ngoan’abo, ba akhela letlooa leoatleng; hobane e ne e le batšoasi ba lihlapi. A re ho bona: Ntšaleng morao, ‘me ke tla le etsa batšoasi ba batho. Ba sia matlooa a bona hang, ba mo latela. Ha a fetela pele, a bona ba bang ba babeli bara ba motho, Jakobo mora oa Zebedea le Joannes ngoan’abo, ba le sekepeng le Zebedea ntat’a bona, ba ntse ba lokisa matlooa a bona, ‘me a ba bitsa. Hang ba sia sekepe ‘moho le ntat’a bona, ba mo latela.

O n’a e-ea le Galilea eohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a hona teng, a phatlalatsa litaba tse monate tsa ‘Muso, a folisa mafu le maloetse ‘ohle sechabeng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Pulungoana 2023

Read Next

Limathi li phahamisa folakha

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular