Vinkmag ad

La 16 Pulungoana 2023

Labone

Margarita ea halalelang oa Scotland (Sehopotso)

Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (7, 22-8,1)                                   

“Bohlale le khanya ea leseli le sa feleng, seipone se se nang letheba se bontšang botlotlehi ba Molimo”.

Boh!ale bo na le moea oa kutloisiso le oa khalalelo, ke oona feela o joalo, empa o mahlakore a mangata, o chatsi, oa chalametsa, o chabile, o hloka letheba, o hlakile, o ke ke oa tsoa kotsi, o rata ho loka, o chorile, ha o thijoe, oa fana, o rata batho, o tiile, o tsepame, ha o khathatsehe, o matla ‘ohle, o hlokomela tsohle, o thophothela meea eohle e nang le kutloisiso, e hloekileng ‘me e chatsi haholo.

Efela bohlale bo potlaka ho feta lebelo ka bolona, boa phunyeletsa, bo bile bo thophothela tsohle ka baka la ho hloeka ha bona. Bo tsoa matleng a Molimo joalcl-.a mouoane, ‘me bo runya botlotlehing ba Ea matla-‘ohle bo hloekile; ka baka leo ha ho letho le litšila le ka itsoakanyang le bona.

Ke bona khanya ea leseli le sa feleng, seipone se se nang letheba se bontšang mosebetsi oa Molimo le setšoantão sa ho loka ha hae. Leha bo le inotši, bo ka etsa tsohle : bo nchafataa tsohle, bo sa fetohe; ka meloko le meloko bo kena bathong ba hálalelang, bo ba etsa metsoalle ea Molimo le baprofeta, ka ha Molimo ha a rate letho ha e se ea phelang le Bohlale.

Efela bo botle ho feta letsatsi, bo feta lihlopha tsohle tsa linaleli; ha bo bapisoa le leseli, bo tla pele ho lona,hobane lona le lateloa ke bosiu, athe Bohlale bo ke ke ba hloloa ke bobe. Empa ka matla a bona bo nama ho tloha pheletsong e ‘ngoe ea lefatse ho isa ho e ‘ngoe, ‘me bo laola tsohle hantle.

PESALEMA 118 (89-,1.130.135.175. R’. 86)

 MORENA LENTSOE LA HAO KE LA KA MEHLA EOHLE.

 Morena, lentsoe la hao ke la ka mehla eohle,

le tiile maholimong.

‘Nete ea hao e hlola ka meloko le meloko,

u thehile lefatše ‘me le tsitsitse.

Le kajeno, tsohle li ntse li lutse

ka ho ea ka tlhopho ea hao,

hobane tsohle lia u sebeletsa.

Qaqiso ea lentsoe la hao e hlahisa leseli,

e fa ba se nang mano bohlale.

Talima mohlanka oa hao ka sefahleho se elileng,

u nthute thato ea hao.

A nke ke phele, ke tle ke u rorise,

likahlolo tsa hao li ke li nthuse.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (17, 20-25)

 ‘Muso oa Molimo o ka ho Iona.

  Ka nako eo, Bafarisi ba botsa Jesu hore na ‘Muso oa Molimo o tla tla neng. A ba araba, a re: ‘Muso oa Molimo ha o tle ka mokhoa o bonoang ka mahlo; ‘me ho ke ke ha thoe: Bonang o mona, kapa bonang o mane. Hobane ‘muso oa Molimo o ka ho löna.

Joale a re ho barutuoa ba hae: Matsatsi a tla tla ao ka ‘ona le tla lakatsa ho bona letsatsi le le leng Ia Mor’a motho, ‘me le ke ke Ia le bona. ‘Me ba tla re ho löna: Bonang o mona, bonang o mane. Le se ke Ia ea, Ia mathela teng. Hobane joaloka ha lehalima le benyang leholimong le halima ho tloha ntlheng e ‘ngoe ea leholimo ho fihla ho e ‘ngoe, Mor’a motho o tla ba joalo ka letsatsi la hae. Empa pele e ka khona a utloe mahloko a mangata ‘me a lahloe ke moloko.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Pulungoana 2023

Read Next

La 17 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular