Vinkmag ad

La 13 Pulungoana 2023

Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (1,1-7)

“Bohlale ke moea o ratang batho; Moea oa Morena

Lona babusi ba lefatše, ratang toka, le hopole Morena joaloka ha e le tšoanelo, ‘me le ‘matle ka pelo e se nang mano, hobane o fumanoa ke ba sa mo lekeng, ‘me o iponahatsa ho ba sa hlokeng tšepo ho eena, athe mehopolo e khopo e arohanya motho le Molimo, ‘me Ea matla-‘ohle ha a lekoa ke lithoto, oa li hlahatsa.

Efela Bohlale bo ke ke ba kena moeeng o tloaetseng bobe, leha e le ho aha ‘meleng o inehetseng sebe; hobane moea o halalelang o rupelang o baleha mamene-mene, o qoaea merero e hlokang kelello, ‘me oa khitlea ha bokhopo bo atamela.

Bohlale ke moea o ratang batho, empa o ke ke oa leballa monyefoli mahlapa a hae; hobane Molimo ke paki ea tse ka pelong ea hae, le mohlahlobi oa ‘nete oa sefuba sa hae, ‘me o utloa le se buoang ke leleme la hae. Moea oa Morena o tletse lefatše lohle, ‘me ka ha e le oona o kopanyang tsohle, o tseba tsohle tse buoang.

PESALEMA 138 (1-10. 24)

MORENA NTSAMAISE TSELENG EA HAO EA MEHLA EOHLE.

 

Morena, u ntlhahlobile ‘me ua ntseba,

u tseba leha ke lutse kapa ke eme,

u bona mehopolo ea ka.

U lekantse linako tsa ka

tsa ho tsamaea le ho phomola,

u tsebisisa litsela tsohle tsa ka.

E ee ere le pele lentsoe le betseha molomong oa ka,

u b’u s’u le tseba kaofela, Morena.

Tsebo ena e feta kutloisiso ea ka,

e tebile hoo ke sitoang ho e fihlela.

Nka ea kae ho ba hole le moea oa hao?

Nka balehela kae ho ba hole le sefahleho sa hao?

Leha nka nyolohela maholimong, u teng;

leha nka ea robala Qalong-ea-bafu,

le moo u nts’u le teng.

Leha nka alima mapheo a mafubelu,

ka ea ikahela lipheletsong tsa leoatle,

esita le hona teng,

ke tla tsamaisoa ke seatla sa hao,

‘me letsoho la hao le tla ntšehetsa.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka.(17,1-6)

“Ha a tla ho uena ha supa ka letsatsi, a re: Ke bakile, u tla mo tšoarela”. 

       Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha se ho ka bang teng hore likhopiso li se ke tsa hlaha; empa ho malimabe eo li hlahang ka eena. Ho ka ba molemo ho eena hore a tlamelloe lejoe la leloala molaleng ‘me a lahleloe leoatleng, ho e-na le hore a khopise e mong oa bana ba banyenyane bana. Le ke le hlokomele!

      Ha ngoan’eno a u sitetsoe, u mo khalemele; empa ha a ka baka, u mo tšoarele. Leha a ka u siteloa ha supa ka letsatsi ‘me a tla ho uena ha supa, a re: Ke bakile, u tla mo tšoarela.

       Baapostola ba re ho Morena: Ak’u eketse tumelo ea rona. Morena a araba a re: Hoja le na le tumelo e ka ka tlhaku ea mosetareta, le ne le ka re ho sefate seo sa monokotšoai: iphothole, u e’o itlhoma leoatleng, ‘me se ne se ka le mamela.

Vinkmag ad

Read Previous

Baetapele ba lokela ho koetlisoa-Petlane

Read Next

La 14 Pulungoana 2023                                                      

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular