Vinkmag ad

La 10 Pulungoana 2023

Labohlano

Leoni e moholo ea halalelang (Sehopotso)

Ho baloa lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (15,14-21)

“Ke mohlanka oa Kriste Jesu har’a balichaba, e le hore bahetene ba tle ba fetohe nyehelo e amohelehang.”

    Ha e le ‘na, bana beso, ke tseba ka ‘nete hore le tletse maikutlo a matle, le t!etse tsebo eohle, le na le matla ho eletsana ke hona. Ka ‘nqa e ‘ngoe ke le ngoletse ka thatanyana, ka mokhoa oa ho le hopotsa litaba, hobane ka mohau oo ke o etselitsoeng ke Molimo, ke mohlanka oa Kriste Jesu har’a balichaba. Ke phetha seo e leng sa boprista ba Evangeli ea Molimo, hore bahetene ba tle ba fetohe nyehelo e amohelehang, e halalelitsoeng ke Moea o Halalelang.

      Ka baka leo, ho Kriste Jesu, nka ithorisa ka tšebeletso ena ea Molimo. Ke tla ba sebete ho bua feela ka tseo Kriste a li entseng ka ‘na hore bahetene ba mamele Molimo, ka polelo le ka mesebetsi, ka matla a liponts’o le limakatso, ho phatlalatsa Evangeli kahohle, ho tloha Jerusalema ka ho potoloha ho ea fihla Lliria.

Seo ke se thahasellang ke ho tlisa molaetsa oa taba tse monate moo lebitso la Kriste le e-song ho tsejoe teng. E se re mohlomong ka aha holim’a motheho oa e mong. Empa kamoo Mangolo a bolelang kateng: Ba neng ba e-s’o tsebisoe letho ka eena ba tla bona, le ba neng ba e-s’o utloe ka eena ba tla utloisisa.

MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA. PESALEMA:97

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae.     

Morena o bontšitse pholoho ea hae,

O bonahalitse toka ea hae mahlong a. lichaba.

O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae

bakeng la ntlo ea Israele.

Liqola tsohle tsa lefatše

Ii bone pholoho ea Morena oa röna.

Bina mafatše ohle, etsetsang Morena litlatse,

hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (16,1-8)

“Bana ba lefatše lena ba masene ho feta bana ba leseli.”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena: Ho n’o le teng motho e mong oa morui, ea neng a e-na le molisa oa lintho tsa hae; ‘me eo a qosoa ho eena ka hore o sentse leruo la hae. A ‘mitsa, a re ho eena: Ke’ng sena seo ke se utloang ka uena na? Hlahisa tsa bolisa ba hao, hobane ha u sa tla ba molisa oa lintho tsa ka.

Molisa a re ka ho eena: Ke tla etsa joang, ha e le mona moren’a ka a nkamoha bolisa? Ho phethola mobu? Ha ke na matla a lekanang. Ho kopa? Ke lihlong ho etsa joalo. Be! Ke tseba seo ke tla se etsa, hore ha ke se ke tlositsoe boliseng, batho ba nkamohele matlung a bona.

Eaba o bitsa ba nang le molato ho mong’a hae ka bonngoe, ‘me a re ho oa pele: Ana u na le molato oa bokae ho mong’a ka na? Eena a re: Linkho tse lekholo tsa oli. Eaba o re ho eena: Nka lengolo la molato, lula fatše kapele, u ngole mashome a mahlano. A nt’o re ho e mong: Uena, u na le molato oa bokae na? Eo a re: Mekotla e lekholo ea koro. ‘Me a re ho eena: Nka lengolo la hao ‘me u ngole mashome a robeli.

Mong’a molisa eo ea khopo a mo rorisa, hobane o n’a entse ka masene, ka ha bana ba lefatše lena ba masene ho feta bana ba leseli.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Pulungoana

Read Next

La 11  Pulungoana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular