Vinkmag ad

La 4 Pulungoana 2023

LABOTŠELELA

Charles Boromeo ea Halalelang (Sehopotso)

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma            (11,1-2.11-12.25-29)

“Haeba pholoho e tletse lichaba tse ling ka tšito ea Bajodi, ho tla ba joang mohla Bajodi ba sokolohang kaofela ha bona”.

Bana beso! Kea botsa, ke re: Na Molimo o Iahlile sechaba sa hae na? Che, ha ho joalo Le ‘na ke Moisraele, setloholo sa Abrahama, oa leloko la Benjamine. Molimo ha a ka a Iahla sechaba sa hae, seo a ikhethetseng sona khale-khale.

Joale ke botsa hape, ke re: Na Bajodi ba khopiloe joalo hore ba tle ba oe ruri? Le hanyenyane! Empa pholoho e tletse lichaba tse ling ka tšito ea bona, hore ba tle ba li honohele. Ha e le moo mahlohonolo a tletse lefatše ka baka la tšito ea Bajodi, ‘me mahlohonolo a tletse bahetene ka baka la nyenyefalo ea bona, ho tla ba joang mohla Bajodi ba sokolohang kaofela ha bona.

Bana beso, ho na le ‘nete e tebileng eo ke ratang hore le e tsebe, e se re mohlomong la ipona le le bohlale. Ke ena: Karolo e ‘ngoe ea Israele e thatafetse, ho fihlela ho kene balichaba kaofela. Israele kaofela e tla pholosoa, joaloka ha ho ngotsoe, ho thoe: Molopolli o tla tsoa Sione; o tla tlosa bobe ho bana ba Jakobo; ‘me ke sona selekane seo ke tla se hlaba le bona, mohla ke tla hlakola libe tsa bona.

Ka ‘nqa ea Evangeli Bajodi ke lira ka baka la löna balichaba; empa ka ‘nqa ea khetho ke barutuoa ka baka la bo-ntat’a bona, hobane Molimo a ke ke a koenehela lineho tsa hae, le pitso ea hae.

PESALEMA 93     (12-15.17-18. 14)

 

MORENA A KE KE A LAHLA SECHABA SA HAE

Morena, ho lehlohonolo motho ea rupeloang ke uena,

eo u mo rutang ka Molao oa hao,

a tle a fumane phomolo matsatsing a mathata.

Efela Morena a ke ke a Iahla sechaba sa hae,

a ke ke a furalla ba lefa la hae.

Ho tla boela ho ahloloa ka toka,

‘me bohle ba pelo li ntle ba tla e latela.

Hoja Morena a se ka nthusa,

e ka b’e le khale ke ile qalong ea Khutso

Eitse ha ke re: “Leoto la ka lea rerekela”,

mohau oa hao, Morena, oa ntšehetsa.

 Ho baloa Evangeling e halalelang e ngoetsoeng ke Luka     14,1.7-11

“Mang le mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa ea ikokobetsang o tla phahamisoa”

Ka nako eo, ka letsatsi la Sabbatha, Jesu o n’a tlile lijong ka tlung ea e mong oa Bafarisi ba ka sehlohong ‘me ba ne ba mo lisitse ka hloko. Eare ha a bona kamoo ba neng ba ikhethela litulo tse kapele kateng, a bolella bamemuoa papiso, a re ho bona: E se n’o re ha u memetsoe moketeng oa lenyalo, u lule setulong se kapele, esere mohlomong ha e-ba teng e mong ea memiloeng ea hlomphehang ho u feta, ‘me ea le memileng bobeli ba Iona a tla ‘me a re ho uena: Mo suthele. Eaba u qala ho lula setulong se kamorao-rao ka lihlong.

Empa ha u memiloe, u ee ho lula setulong se kamorao, e tle e re ha ea u memileng a e-tla, a re ho uena: Motsoalle, fetela kapele. ‘Me joale e tla ba hlompho ho uena pontšeng ea ba lutseng le uena lijong. Hobane mang le mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 3 Pulungoana 2023

Read Next

La 6 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular