Vinkmag ad

La 3 Pulungoana 2023

LABOHLANO

Martin de Porres ea Halalelang (Sehopotso)

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma      (9,1-5)

“Nka be ke ratile ho rohakoa ke Molimo ka baka la bana beso”.

Bana beso! Ke bolela ‘nete pel’a Kriste, ha ke qale leshano, letsoalo la ka le mpakela ho Moea o Halalelang: ke soabile haholo, ke utloa bohloko ka mehla pelong ea ka. Efela ‘na ka sebele sa ka, nka be ke ratile ho rohakoa ke Molimo le ho lahloa ke Kriste ka baka la bana beso, bao re leng seng le bona ka nama, Ke bona bao e leng ba-lsraele, ba entsoeng bana ba Molimo, ba abetsoeng letlötlo la hae, ba hlabileng selekane le eena, ba nehiloeng Molao, ba nang le tšebeletso ea ‘nete, ba filoeng lipallo. Ke bana ba bo-ntata ba khale-khale ‘me Kriste ke oa leloko la bona ho ea ka nama, eena ea leng ka holimo ho lintho tsohle, Molimo ea bokoang ka bosafeleng. Amen.

PESALEMA 147       (12-15.19-20)

TLOTLISA MORENA, JERUSALEMA.

Tlotlisa Morena, uena Jerusalema,

rorisa Molimo oa hao, uena Sione.

O tiisitse mekoallo ea menyako ea hao,

O hlohonolofalitse bana ba hao ba phelang ka ho uena.  

O entse hore khotso e be meeling ea hao,

O u khorisa koro e khethehileng.

O romela litaelo tsa hae lefatšeng,

molaetsa oa hae o matha ka potlako.

O senoletse Jakobo lipallo tsa hae,

O nehile Israele litaelo le likahlolo tsa hae.

Ha ho sechaba se seng seo

a kileng a se etsetsa joalo,

a se senolela likahlolo tsa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (14,1-6)

“Ana ke mang oa lona, eo ekareng ha esele ea hae kapa khomo ea hae e oetse lenkoaneng a ke keng a e ntša ka letsatsi la Sabbatha na”?

Ka nako eo, ka letsatsi la Sabbatha, Jesu o n’a tlile lijong ka tlung ea e mong oa Bafarisi ba ka sehlohong, ‘me ba ne ba mo lisitse ka hloko.

Ho ne ho le teng ka pele ho eena motho ea khotšeng seema. Jesu a bua, a re ho baruti ba molao le ho Bafarisi: Ana ho lumeletsoe ho folisa ka Sabbatha na? Empa ba khutsa.

Eaba eena oa mo tšoara, oa mo folisa a nt’o mo lokolla. A re ho bona: Ana ke mang oa lona, eo ekareng ha esèlè ea hae kapa khomo ea hae e oetse lenkoaneng, a ke keng a e ntša kapele-pele ka letsatsi la Sabbatha na? ‘Me ba sitoa ho mo arabela letho tabeng eo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Pulungoana 2023

Read Next

La 4 Pulungoana 2023

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular