Vinkmag ad

Litsi tsa Tšireletso li tsoetsoe ke paramente-Mofomobe

Dr. Mahali Phamotse o re polelo e phatlalalitsoeng ke Lihlooho tsa Litsi  tsa Tšireletso e sisinya Molao-Theo oa naha hobane ke teko ea ho fanyeha Molao oa Motheo. O buile tsena tulong ea Ntlo ea Bakhethoa  ka la 19 Mphalane monongoaha.

 O totobalitse ka ho otloloha hore ho bonahala li rata ho ipehela   puso e ratoang ke tsona ’me ha ba hloka ho etsa joalo ba fetole molao.  A re mosebetsi oa tsona ke ho  sireletsa sechaba le thepa ea sona Molao oa Motheo, le puso . O re ba bonahala  ba sireletsa puso ka matla a mponyane ‘me hoo ho theola  puso   e khethiloeng ke sechaba seriti.

 A re  Lesotho  mona ha ba sebetse ka ho khetha Tona-Kholo ba sebetsa ka ho khetha bakhethoa, moo  e bang ho na le bakhethoa ba sa hapang mabatooa a 80, b’a ipuha e le maparamente  hore na puso e etelloa pele ke mang.

 A re taba ena e hlokolosi  hobane liketso li ntse li etsahala ho kenyeletsa tsa ho tšoaroa ha Moetapele  oa SR Adv. Mojapela.  O re taba ena ke koli ea malla hobane e lukile tšireletseho ea sechaba.  A bontša sechaba se’a etseletsoa ha ho thoe se khethile Tona-Kholo hobane se khethile maparamente mabatooeng.

 A re ha ho hlokahale hore ba hulanye molao haholo oa tlhopho-bocha, empa ba  lokela ho etsa seo  ka molao le boitlhompho,  e le hore eona  tlhopho-bocha  e tsebe ho sebetsoa ka mokhoa o nepahetseng.

  A re ‘muso o khetheloa ka paramenteng ‘me ke eona  e etsang mosebetsi, hore naha e sebelisa moetlo oa balichaba ho khetha  Tona-Kholo ha se ho hlokisa naha botsitso, hobane ho sebetsoa joalo.

Moetapele oa Mokha oa Sechaba sa Basotho, Mofomobe o re Litsi tsa Tšireletso li tsoetsoe ke ntlo ena ka ho etsa molao o li tsamaisang, ka hona ho bohlokoa hore li baballe Molao oa Motheo oa naha, hape ha se boikarabello ba tsona hore na paramenteng ho sebetsoa joang.  A re  taba ea hore batho ba lumela  hore ha ba tšoere lithunya ba ka laola batho ba se  senang tsona, kapa ho laola naha kamoo ba ratang ha ho’a nepahala, naha e tsamaisoa ka molao. A re ka lilemo tsa 2016 le 2020 ho ile ha fetoloa  Tona-Kholo, ‘me ho ne ho se moo Litsi tsa Tšireletso li  nyonyobang le bapolotiki.

Vinkmag ad

Read Previous

Li tsebe naha ha e busoe ka lithunya-Mokhothu

Read Next

Road Fund e nehelana ka thepa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular