Vinkmag ad

Lesotho le ka fepela linaha-Ramano

Lesotho le na le monyetla o motle oa ho hlahisa mesebetsi le ho fepela linaha tse ling ka metsi le moea o ka sebelisoang Litsing tsa Bophelo, ha le ka ananela ho ntlafatsa tšebeliso ka mokhoa o mocha oa marang-rang.  Tsena li boletsoe ke momemuoa e moholo oa ‘moka oa Metsi ke Bophelo Water and Hydrogen in a Digital Future, Mashudu Ramano, puisanong le koranta, Holong ea Liboka ‘Manthabiseng Maseru, ka la 13 Mphalane monongoaha.

O re taba ea hore batho ba bang ba lla ka hore o tlile Lesotho ho tla utsoa litokelo tsa metsi a bana ba Basotho ha se ‘nete, hobane o tlisitse moralo o ka thusang naha ho tsoelapele. A re Lesotho le fuoe metsi ao le sa a sebeliseng, a hloekileng a ka fanang ka bophelo le ho balichaba.

A re sethala se bulehileng sa lipuisano tsa metsi ke ntho e kholo e ka thusang naha ho hohela bohahlauli le ho tlisa batseteli haholo ha Lesotho e le naha e nang le lihloliloeng tse ngata tse ka e ntšetsang pele.

A re naha ea Lesotho ke ea pele ea ho tšoara ‘moka oa lipuisano tsa metsi haholo ha lefatše le susumetsa tšebeliso ea matla e hloekileng. O re ba batla ho bula sekolo moo ba rupelang batho ka metsi le menyetla e ka fumanoang metsing. A re motho h’a kula o fuoa moea o tsoang linaheng tse ling, ‘me Lesotho le ka hlahisa moea ho o rekisa.

Mashudu o re Basotho ba tlameha ho utloisisa litaba tsa mahlale kaha e se e le bophelo ba ha joale. A re baokameli ba likhoebo tse fapakaneng ba tšepisitse ho tšehetsa morero ona, ‘me ka ona Lesotho le ka tloha kahar’a linaha tse futsanehileng. O re pele lilemo tse hlano li fela moruo oa naha ena o tla be o tlokoma, ho latela tlhoko ea moea le khase e hloekileng lefatšeng.

 A bontša ho le bohlokoa hore ho koetlisoe bacha mabapi le litsebo tse hlokoang ke lefatše matsatsing ana hore ba tsebe ho ntlafatsa boqapi ba bona le tlhahiso ea mesebetsi. A re morero ona o tl’o hlahisa mesebetsi molemong oa ntlafalo ea naha.

Setsebi le Moeletsi oa Sechaba litabeng tsa Metsi le Matamo Lenka Thamae, o itse morero ona o bohlokoa haholo tlhahisong ea mesebetsi hobane Basotho ba sotlehile. A re metsi ana a tl’o sebelisoa ho fehla motlakase, ho hlahisa khase le moea o tla sebelisoa Litsing tsa Bophelo, ‘me ho loantša lintho tse molemo ke ho hloka tsebo ha sechaba.

 A re ‘muso o lokela ho ba tšehetsa ka lichelete e le mekhatlo hore ba tsebe ho fana ka thuto sechabeng. O itse morero ona o tla thusa kanetsong ea motlakase metseng le metsi a tla fumaneha malapeng ohle a sa lefelloe. A re sechaba se sebetse ka matla hore lihlaba le mekhoabo e baballoe molemong oa metsi a hloekileng.

H’a phethela o itse metsi ke a sechaba sa Basotho boliseng ba Motlotlehi Letsie III, ‘me ba tla lisa taba ena e le hore e se hatikele litokelo tsa Basotho.

 Raliphatlalatso oa LHDA Mpho Brown o itse litaba tsohle tse amanang le ho shebana le metsi a Lesotho hore a ka tsoela Basotho molemo li bohlokoa.  A re ‘moka o kang ona ke monyetla o mong oa hore Basotho ba qalelle ho bona menyetla e teng leruong la metsi le boithuto bo hlokahalang hore ke ba mofuta ofe ho ntšetsa bophelo ba bona pele.

A re e le LHDA ba ipiletsa ho Basotho le bahokahanyi ba ‘moka oa mofuta ona ho fana ka thuto hore ba tsebe ho utloisisa litaba hantle.  A khothaletsa Basotho ho ba teng ‘mokeng e kang ena e le hore ba fetise likhothaletso tsa bona.

 Mookameli oa Africa Hydrogen Council, Sindiswa Mzamo, o re o khotsofaletse hore ebe Naha ea Lesotho e tšoere ‘moka ona ebile e le eona ea pele linaheng tsa Afrika. A re ha e ka tsetela litabeng tsa metsi ka matla batho ba tl’o ba le mesebetsi mafapheng a fapakaneng, litsebo tse ntlafetseng le ntlafalo ea thuto. A re e boetse e tla tlisa botseteli bo hlahang lefatšeng ho theha mesebetsi.

 A re Lesotho ke lona le tla hlahisetsa Afrika e ka boroa moea o hloekileng kaha e le lona le nang le metsi a mangata. A re hona joale lintho tsohle li etsoa ka marang-rang ‘me ke nako ea hore linaha li fetohe, li se ke tsa salla morao, haholo litabeng tsa bohahlauli.

Mzamo o re Basotho ba ke ke ba tsekisoa litokelo tsa bona, ka hoo ba fuoe thuto hore ba utloisie se tl’o etsahala. O re naha e lokela ho ba le maano a thusang ntlafalo tšebelisong ea metsi le tšireletseho ea litokelo tsa Basotho.  H’a phethela o itse Lesotho le lokela ho ntlafatsa lenane-thuto la eona hore litaba tsa marang-rang li rutoe ho tloha likolong tse tlaase ho fihlela ho tse Phahameng e le ho tsetela bokamasong ba naha.

Vinkmag ad

Read Previous

Lifefo li’a sia lepala-paleng

Read Next

Li tsebe naha ha e busoe ka lithunya-Mokhothu

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular