Vinkmag ad

Lekala le tšohla mekhoa ea ntlafatso

E le  ho nchafatsa litšebeletso, Lekala la Mesebetsi ea Sechaba  le Lipalangoang ka kopanelo le Road Traffic Management  Corporation (RTMC) li tšohlile mekhoa ea ho fana ka litšebeletso ka marang-rang e kenyeletsang nchafatso ea mangolo a ho qhoba, mangolo a likoloi le tse ling, e le ho bolokela baji nako. Tsena li bile Maseru, ka la 5 Mphalane Monongoaha.

Mookameli  oa Road Fund Nkekeletse Makara o re morero oa bona ke ho  isa litšebeletso sechabeng  joalokaha e le boikarabello ba bona hore li ntlafale.

A re ‘Enatis System’ e sebelisoang Afrika Boroa  e tl’o ba thusa ho fana ka litšebeletso tsa marang-rang, ‘me seo  a ithutileng sona ke hore ka RTMC  batho ba nchafatsa mangolo a ho qhoba ba le malapeng le  mesebetsing.

O re RTMC  ke eona  e thusang Naha ea Lesotho Lekaleng la Mesebetsi  ea Sechaba le Lipalangoang, ho fana ka litšebeletso  tlasa ‘Enatis system’ e thusang hape ka ngoliso ea likoloi le ho bokella lekhetho.

Mookameli oa Road Traffic  Management Corporation, Advocate  Makhosini  Msibi, o re tšebeliso ea Enatis System e qhololitsoe ke seoa sa COVID-19 ‘me ha  joale batho ba se ba nchafatsa   mangolo a ho qhoba,  litokomane tsa likoloi  le ho lefella litšebeletso ka marang-rang.

A re sechaba se lokela ho fumana litšebeletso, tse nkang bonyane metsotso e 20 ‘me ha ho ka etsahala e fete basebetsi ba tla nkeloa likhato.  A re mebuso  e lokela ho tla ka mekhoa e mecha ea phano ea litšebeletso ebile e bolokehile.

Letona la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang, Mohlomphehi  Matjato Moteane, o re ba  fumane mabokose a  tletseng mangolo a ho qhoba a e-s’o latoe ka leba ka la phano e seng ntle ea litšebeletso. O re ha ba hlahisa mekhoa e mecha ea phano ea litšebeletso ho ba  le likhohlano, leha ho le joalo ba lokela ho sebetsa ka thata ho ntlafatsa mafapha a phano ea lits’ebeletso.

Mookameli Lefapheng la Marang-rang Road Traffic Management Corporation, Kevin Kara, o re ba fana ka litšebeletso tse potlakileng ho sechaba ba sebelisa marang-rang  molemong oa ho fihlela litlhoko tsa sona ka nako e khutšoanyane. A re ba  atleha ho tlaleha likoloi tse utsoitsoeng habonolo, ‘me hoo ho etsa hore ho se be bonolo hore koloi e joalo e ka ngolisoa bocha kaha ba nelehetsana mosebetsi le mafapha a amehang.

A re batho ba nkoa menoana nakong eo ba ngolisang ‘me sena se thibela botlokotsebe ba batho ba ka sebelisang litokomane tsa ba bang.

Vinkmag ad

Read Previous

IMBISA e buloa ka Sehlabelo sa ‘Missa

Read Next

LeFA e sibolla talenta ea bana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular