Mokhatlo oa Academic Forum for Development of Lesotho ( AFDel) o ngoletse Tona-Kholo Samuel Ntsokoane Matekane lengolo le bulehileng le qholotsang boemo ba thuto e phahameng kahare ho naha, ba re ba sebeletsa libakeng tse sa ntlafalang. Tsena li hlahelletse ‘mokeng oa bo- ralitaba ka la 21 Loetse monongoaha.
Mongoli-Kakaretso oa Mokhatlo ona, Prof. Ts’epo Mokuku o itse ho tloha selemong sa 2005 ba sa nyolleloe meputso ho se liphahamiso tseo ba li etsetsoang ts’ebetsong ea bona. A re ‘Muso oa Lesotho o lokela ho ela hloko ho ntlafatsa Sekolo se Seholo sa Sechaba se nang le nalane ebile e le sa khale kahare ho naha.
A bonts’a hore ba ts’oenyehile ke boemo bona kaha bo etsa hore barutehi ba naha ena ba e furalle ba ee linaheng tse ling moo ba fumanang meropotso e betere. A re ka lilemo tse ngata mebuso ea Lesotho esale e le lesisitheho ho ts’ehetsa thuto ea bana ba Basotho, hoo le baithuti ba hlokang le matlo a bolulo Likolong tse Phahameng.
A supa hore bosieo ba chelete e ba ts’ehetsang, maetong a thuto a kantle ho naha e ba sitisa ho etsa liphuputso, le ho kopana le barutehi ba linaha tse ling ho arolelana maikutlo le litsebo ho nts’etsapele thuto ea bona. A re ha ba sa thusoe ha ho na hore ba ka tsoa litseleng tsa bona ho etsa liphuputso, hobane ke ‘muso o lokelang ho ba ts’ehetsa ho ntlafatsa thuto.
O re lisebelisoa tsa ho ruta li boemong bo tlaase, kaha ba ntse ba sebelisa lipampiri le letlapa, empa ba lokela ho sebelisa mekhoa e ntlafetseng ea marang-rang a morao-rao.
Dr. Motsamai Ranneileng Raliphatlalatso oa Mokhatlo, o itse thuto ea Lesotho e nyotobetsoa ke boemo ba thuto e rekisoang e bonahalang e nka monyetla oa boemo bo fokolang ba thuto e fanoang likolong tsa ‘muso. A re e le litichere Sekolong se Seholo sa Sechaba (NUL) ba itetse ba sebelisa lichelete tsa bona hore ba qetelle ba hlahisitse litsebo tsa bona lefats’e kaofela, ntle ho ts’ehetso.
A re ha ho na boikemisetso bo matla ba ho phahamisa thuto kahare ho naha, empa ba hlokometse hore boetapele ba naha ena hangata bo isa bana likolong tse kantle ho naha, ‘me hona ke sesupo sa thuto e nyotobetseng ea naha. A re ho lokela ho kopanngoe matsoho ho nahanoe bocha ho phahamisoe thuto kahare ho naha, joalokaha Lesotho le itlamme ho phethahatsa lipehelo tsa moshoelella haholo tsa SDG 4 tse buang ka phahamiso ea thuto kahare ho naha eseng e late thuto ka ntle ho naha e le thuto ea boleng.
A re e le mokhatlo ba ts’oenyehile ke tsela eo litaba tsa thuto li ts’oaroang ka eona hobane le baithuti ha ba sa atleha Sekolong se Seholo sa Sechaba b’a itefella, empa ba kantle ho naha ba tsoelapele ho lefelloa. Ba re e bang thuto ea naha e ntse e tsamaea ka lesisitheho lena e tlisa khatello ho bana ba mafutsana, ba ipiletsa ho Tona-Kholo le ‘muso oa hae ho sheba litaba tsa thuto, kaha ho se naha e ka ntlafalang ntle ho sechaba se rutehileng.
O re ba leboha ‘Muso oa Lesotho hore lekhetlong la pele khakanyong ea ona ea lichelete e abetse likolo tse Phahameng chelete e mpang e likanetsoe ke likolo tse ngata, ‘me ke nako joale ea hore bahoebi le mekhatlo e ikemetseng e thuse ‘muso ho atleha litabeng tsa thuto. Ha ba phethela, ba ipilelitse ho ‘Muso oa Lesotho ho sekehela litaba tsa bona tsebe, hobane esale ba lla mebusong e meng ho se motho ea reng letho ka boemo bona, ‘me ba re ba rata ho bona thuto ea Lesotho e phahama e sa lahle boleng ka ho fumana ts’ehetso e lokelang.