Vinkmag ad

Lithuso li ntse li qepha

Mafapha a ikarabellang litabeng tsa phetoho  ea boemo ba leholimo le litlokotsi tse bakoang ke ona, a tekile moralo oa likhoeli tse ts’eletseng o reretsoeng ho fokotsa sekhahla sa komello pele e ba teng, ho boloka bophelo le mekhoa ea Basotho ea boipheliso le ts’ireletso ea tikoloho. Tsena li bile ka la 18 Loetse monongoaha.

Mookameli oa Thibelo le Taolo ea Likoluoa Maseru, (DMA) Mamonaheng Monoto, o itse  boteng ba moralo ona bo tl’o fokotsa  lits’enyehelo tseo ‘muso o kenang kahare ho tsona nakong ea komello, ka ho arabela tlhoko tsa sechaba se tlokotsing pele se senyeheloa. A re moo sechaba se tl’o hloka metsi ka lebaka la komello, se qetella se lahleheloa ke bophelo, mafu a its’ema, tlala le tahlehelo e phahameng ea mehlape.

A re ba tl’o kenya morero ona, ts’ebetsong ka ts’ehetso ea litsebi ho hlaha makaleng a mang, ‘me kahare ho moralo oa bona ba na le khaello ea M88 Millione ho tlatsetsa mesebetsing ea tlhahiso ea lijo nakong eo. A re morero e ne e le ho rekela Basotho ba tlokotsing lipeo tsa masimong tse atlehang ho mamella komello e le kanetso ea lijo, empa ka lebaka la tlhokahalo ea lichelete ba se ba tl’o rekela batho lipeo tsa meroho feela.

Monoto  o re ba etsa sena ba ipapisitse le litlaleho tsa bolepi tse ileng tsa phatlalatsoa ka khoeli ea Phupu 2023, hore naha e tlo tobana le komello. A re ho bonahala bats’ehetsi ba linaha linakong tsa tlokotsi ba se ba sa ts’ehetse naha tse sa  thibeleng tlokotsi pele e etsahala.

Motlatsi oa Mookameli oa Naha WFP Masahiro Matsumoto, o itse  ba fana ka lithuso linaheng tse 122 lefats’eng le ho thusa batho ba 160 millione ba tlokotsing. A re lithuso tseo ba ntseng ba thusa linaha ka tsona li ntse li qepha ka lebaka la ntoa ea Russia le Ukraine, ‘me seo se tl’o etsa hore ha nako e ntse e tsamaea ba thatafalloe ke ho thusa  linaha, ka hoo li lokela ho tla ka meralo ea boits’ematlelo ho loants’a maemo a tlokotsi le ho tsetela ka matla litabeng tsa phetoho ea boemo ba leholimo.

Vinkmag ad

Read Previous

Bakoetlisi ba 22 ba phethela koetliso ea CAF

Read Next

Lifeme li tla buloa ka Mots’eanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular