Vinkmag ad

Lifeme li tla buloa ka Mots’eanong 2024

Komiti ea Paramente ea Moruo ka kopanelo le Koporasi ea Kholiso ea Moruo (LNDC), li hlahlobile khaho ea lifeme Ha Tikoe, e neng e qale ka selemo sa 2019 e tla fihla pheletsong ka Mots’eanong 2024. Tsena li boletsoe ke Consaltant Jobo  Pholoana, ka la 20 Loetse monongoaha.

Pholoana o itse khaho ea lifeme e ne e lebeletsoe ho fihla pheletsong ka  khoeli ea Mphalane 2023, empa ka lebaka la seoa sa COVID-19 le khaello ea lichelete ba tla phethela mosebetsi ka 2023. A re morero oa bona ke ho fana ka lifeme tse ling ka khoeli ea Ts’itoe selemong se holimo ha ba ntse ba qetelisa mosebetsi  e bang e tla be e saletse morao nakong ea ts’ebetso.

Lebitsong la LNDC Rethabile  Ndee, o itse  leha morero o tla phetheloa oa 2024  ba rata ho bona karolo e ‘ngoe ea lifeme e qala ts’ebetso ka khoeli ea Ts’itoe 2023. A re ba tlo sebetsa ka thata ho bona hore sebaka seo e ba se baballetseng tikoloho ka bohloeki haholo ho tsamaisa likhoerekhoere ka mecha e nepahetseng e le ho boloka bohloeki le ho baleha hara tse ling ts’ilafalo ea tikoloho e ileng ea ba teng lifemeng tse ling.

Molula-Setulo oa Komiti ea Litaba tsa Moruo Paramenteng, Sello Hakane o re lifeme tse ntseng li ahoa ke ‘muso li tla buloa selemong se tlang khoeling ea Mots’eanong 2024. A re  ba hlahloba khaho ea lifeme tsena ele hore ba bone hore lichelete tsa ‘muso li ntse li sebelisoa ka tsela e nepahetseng.  A re b’a tseba hore ha nako ea ts’ebetso e eketseha hoo ho boela ho ama le mokotla oa ‘muso, ka hona ba lokela ho ba hlokolosi hore e fela ts’ebetso e  ntse e etsahala.

A re lifeme tsena  tse fumanehang Ha Tikoe Maseru le Ha Belo Butha-Buthe, li reretsoe ho tla hlahisa mesebetsi ka sekhahla se holimo.

Letona la Khoebo le Mesebetsi e Meholo Mokhethi Shelile, o itse  lintho tse saletseng morao khahong ea lifeme tsena hore li phetheloe li se li fokola, ‘me morero oa bona e le ‘muso ke ho bona hore ba loants’a tlala, bofuma le tlhokahalo ea mesebetsi ka hore lifeme li buloe hobane ke tsona tse atlehang ho hira Basotho ba bangata.

A re ba ikemiselitse ho hlahisa mesebetsi le ho sireletsa e ntseng e le teng, ‘me ba rata hape ho bona  boholo ba lifeme li tsamaisoa le ho raloa ke Basotho.

Vinkmag ad

Read Previous

Lithuso li ntse li qepha

Read Next

AFDeL e seboko

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular