Vinkmag ad

Bahoebi ba mothamahane  ba tlaloa ke pososelo

E le ho arabela sello sa phohomela sa bahoebi ba thekiso ea lino le koae, ‘Muso oa Lesotho o nts’itse Gazzette e supang ha o  theotse lekhetho la koae ka 15% la lino ka 7.5%. Tsena li boletsoe ke  President ea mokhatlo oa beng ba matlo a lijo le lino, Motseki Nkeane, ka la 13 Loetse monongoaha.

O re  litaba tsena li latela boitseko ba bona ba nako e telele moo ‘muso o neng o ba pitle ka litjeo tse holimo tsa lekhetho la koae le lino. A re ka nako eo lekhetho la koae e ne e le 30% ha la lino e ne e le 15%, ‘me ba ile ba imeloa ke khoebo hobane litheko li ne li phahame mabenkeleng.

Nkeane o re ketsahalo eo e ile ea qosa Basotho ba bangata ho koala likhoebo, ho fokotsa basebetsi le ho theola lihora tsa ts’ebetso kaha ba ne ba hula ka tlhako tsa morao pokellong ea phaello ea khoebo. A re  sena se bile sa  bulela limokolara monyetla  oa  ho reka  joala naheng ea Afrika Boroa hoo ho neng ho nonyetsa khoebo kahara naha hobane naheng ea boahelani bo ne bo rekeha.

O re nakong ea boitseko ba bona ba ne ba kopile hore lekhetho la koae le theoleloe ho 10% koae ho 5%  empa ha ho ea ba joalo. A re ba leboha ‘Muso oa Lesotho ka ketso ena hobane ba tlo boela ba khutlela ts’ebetsong  ka matla, le batho ba neng ba feletsoe ke mesebetsi e tla boela eba teng hang ha khoebo e bonts’a ts’isinyeho.

A bonts’a hore ba ts’oenyehile ke melata e futuhetseng khoebo ea theko le thekiso ea joala le hoja e lumella Basotho fela ho kena ho eona. A re ba tlo ts’oara ka thata ho sisinya Lekala la Khoebo le Mebaraka ho bona hore le kenya molao oa taolo ea likhoebo ts’ebetsong hore likhoebo tse lokelang ho ba matsohong a Basotho li be matsohong a bona.

Litaba tsena li tiisitsoe ke Raliphatlalatso Lekaleng la Lichelete le Nts’etsopele ea Meralo, Keneuoe Mojaki, ea  supileng hore ha phatlalatso ea Gazette  e entsoe lekaleng ke sesupo sa hore hona ke ntho e teng, ‘me lekhetho le lebelletsoe ho kena ts’ebetsong ka la 1 Mphalane 2023.

Vinkmag ad

Read Previous

SEHLOMATHISO SE’A PHETHELOA

Read Next

BA PHEPHETHELA MORERO

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular