Vinkmag ad

Marang-rang a Lesotho a lokela ho sireletsoa

Motlatsi oa Mongoli e Moholo Lekaleng la Mahlale le ts’ebeliso ea Mahlale, Neo Ramabele  Semethe, o re naha ea Lesotho e lokela ho ba le molao o sireletsang ts’ebeliso ea marang- rang e le ntlafalo e bolokehileng ea ona  kahara naha.  O boletse tsena  puisanong le koranta ena, ka la 11 Loetse monongoaha.

A re ‘muso  o lokela  ho bona hore Basotho ka mekhahlelo eohle e utloisisa ts’ebeliso ea marang-rang le ho tseba hore ba lokela ho isireletsa joang. A re ho kotsi hore naha e  hloke melao e sireletsang  marang-rang  hobane  ke moo ho its’emang lintho tse ngata ho kenyeletsa le ts’ebeliso e mpe ea litokomane tsa batho, mabitso le ho ameha litabeng tsa thekisetsano ea batho.

O re lekala la habo  ka ts’ehetso ea kamphani ea ITU le ts’oarela mafapha a fapakaneng thupelo ho kenyeletsa maparamente hore ba utloisise litaba tsa ts’ebeliso ea marang-rang. A re ba mothating  oo naha ea Lesotho e ntseng e sebetsana le ho fetisa sets’oants’o sa molao oa ts’ireletso ea  marang-rang molemong oa polokeho ea batho bohle.

Marwan Ben Rached, ho hlaha kamphaning ea International Telecommunication Union ( ITU)  o itse  ho bohlokoa hore naha e ‘ngoe le e ‘ngoe e sireletse ts’ebeliso ea eona ea marang-rang  ho qoba ts’ebeliso e mpe ea ona. A re  ke linaha tse ngata tse sebelisang marang- rang tse ileng tsa keneloa ke bakhosheli kahara mafapha a bona a polokelo ea litokomane kahara mebuso.

A re   linaha li lokela ho fetohela ts’ebelisong e bolokehileng ea marang-rang molemong oa bolokolohi, polokeho ea sechaba le ea naha. O bile a khothaletsa naha ea Lesotho ho sebetsa ka thata ho ntlafatsa melao ts’ebelisong ea marang-rang  molemong oa ho nolofaletsa makhotla  ho fana ka likotlo khahlanong le batho ba etsang  litlolo tsa molao oa marang-rang.

Ea bileng ‘mokeng ona , Ithabeleng  Qhasho, o itse naha ea Lesotho  e lokela ho ntlafatsa ts’ebeliso ea marang-rang molemong oa ho qoba ts’ebeliso e mpe ea ona joalokaha ho bonahala ho a mang a marang-rang  batho ba nyefoloa le ho sebelisoa hampe haholo lits’oants’o.

A re marang-rang  ke ntho ea bohlokoa e ka fetolang bophelo ba naha moruong kaha batho ba bangata ba se ba sebelisa ona ho rekisa lihlahisoa tsa bona. A re  o lumela hore ke nako ea hore ‘muso o sebeletse ho fetisa sets’oants’o  sa molao se sireletsang marang-rang  empa e se ke ea e-ba se hatikelang litokelo tsa mantlha tsa botho ebe tsa bolokolohi ba puo.

O re seo a se tsebang ke hore sets’oants’o se ileng sa huloa paramenteng , se na le likaroloana tseo ho tsona ho tlo ameha bophatlalatsi haholo moo se buang ka hore ha mophatlalatsi  a ka ngola kapa ho phatlalatsa litaba ntle le tumello ea motho ea ikarabellang lefapheng o tla nkeloa likhato tsa molao le ho fana ka lebitso la ea faneng ka taba e joalo.

Qhasho a ipiletsa ho ‘Muso oa Lesotho le maparamente  ho hlahloba ka matla sets’oants’o sa molao se sireletsang ts’ebeliso ea marang-rang kaha ha ba ka se fetisa se le joalo  le bona ba ntse ba tla ameha ho litemana tse ling tsa sets’oants’o seo sa molao.

Vinkmag ad

Read Previous

FARMERS PITSO E TLOTLA LIHOAI

Read Next

IFO LAPENG E TLOTLA BASALI BOPHATLALATSING

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular