Vinkmag ad

FARMERS PITSO E TLOTLA LIHOAI

Mokhatlo oa Farmers Pitso o tlotlile lihoai tse 45 boemong ba lihlahisoa tse fapakaneng tsa temo e le ho tlisa morolo tlhahisong ea lijo le hore naha e iphepe ka bo eona. Tsena li boletsoe ke e mong oa bathehi ba mokhatlo Tlaba Mochebelele, puisanong le koranta ena, ka la 11 Loetse monongoaha.

O re morero o moholo ke ho hokahanya lihoai hammoho hore li tsebane li atlehe ho thakelana ka malebela lihlahisoeng tsa bona ka ho fapakana. A re ba rata hore lihoai tsa meroho, lipeo le liphoofolo le tse ling li tsebane hore li tsebe ho kopanela thekiso ea lihlahisoa mebarakeng ba se ke ba haelloa. A re ba rata ho bona ‘maraka o bulehile sebakeng sa batho bohle ba keneng temong.

H’a tsoelapele o itse ba khotsofetse ke tsela eo Basotho ba thahasellang ho kenela litlholisano tsena ka eona kaha li bonahala li tlisa phetoho. A re ba thoholetsa le bacha ba bonahalang ba kene ka matla temong ho sa natsoe maemo a bona a thuto.

A re ba tlotlile likolo tse  tharo tsa  thuto e phahameng tse rutang temo le batho ba 18 ba  kentseng letsoho kholisong ea temo ka litsela tse fapakaneng, ‘me ba fana ka likobo tse 10 ho metjoli le ho tlotla likhamphani tse 10 tse ipabotseng kamora ho fumana lithuso ho SADP.

O re ke selemo sa boraro mokhatlo o ts’oara mokete ona ka katleho, ‘me ba lakatsa ho bona ts’ebetsa ea lihoai e fetoha molemong oa hore chai e eketsehe, tlhahiso e hole sechaba sa Basotho se iphepa se be se fepe linaha tse ling.

E mong oa bacha ba hapileng khau moketeng ona, ea tummeng ka tlhahiso ea leruo la lipoli tsa lebese, Karabo Lijo o itse khau ena e molemo kaha e etsa hore a ntlafatse ts’ebetso ea hae. A re mosebetsi ona o ba kopanya le batseteli, bareki le lihoai tse ling ho thakelana ka malebela. A re ba boetse ba tlo atleha ho thusoa tlhahisong ea lebese la lipoli hore lihlahisoa tsa bona ebe tsa boleng kahare ho mebaraka.

A re o lakatsa ho bona bacha ba utloisisa hore thuto e molemo empa ba boele ba tsetele ka matla temong kaha lefats’e le khothaletsa botseteli litabeng tsa temo le tlhahiso ea lijo. A re ha bacha ba ka sebetsa ‘moho ba tla hlola qholotso e kholo eo ba tobaneng le eona ea tlhokahalo ea mesebetsi ho sa natose hore na motho o qala tlhahiso a e-na le bokae ka pokothong.

Vinkmag ad

Read Previous

 Boemeli bo amohela pampiri

Read Next

Marang-rang a Lesotho a lokela ho sireletsoa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular