Vinkmag ad

 Boemeli bo amohela pampiri

E le nts’etsopele le boitokisetso bakeng sa likhetho tsa puso ea libaka, boemeli ba mekha le makhotla a lipolotiki bo a mohetse pampiri ea likhetho mapatlelong a polokelo ea eona Warehouse Maseru, ka la  9 Loetse monongoaha.

Commissioner  (IEC)  Dr Karabo Mokobocho- Mohlakoana o  lebohile sehlopha seo ba ileng ba tsamaea le sona ho ea lebela khatiso ea pampiri e tla sebelisoa sebakeng sa likhetho. A re mosebetsi o entsoe  ka makhethe, ‘me bohle ba tsebe hore moo pampiri ena e tla bolokoa e tla lebeloa ke boemeli ba bapolotiki le litsi tsa ts’ireletso.

A bonts’a hore thepa ena e lebitsong la Basotho le tlasa leihlo le nchocho la litsi tsa ts’ireletso.

Lebitsong la mekha le makhotla a lipolotiki Pitso Pitso,  o itse ba bone methati eohle e latetsoeng le polokeho ea  tokomane ena,  ‘me ba  khotsofetse hape ba lumela hore likhetho tsena e tla ba tse  nang le ponaletso joalokaha ba li hloka e le bapolotiki, sebakeng sa Basotho le Lesotho

Lebitsong la moifo oa bophatlalatsi o neng e le karolo ea sehlopha se neng se lata  pampiri ea likhetho,Melida Phinda, o itse  mosebetsi ona ke oa naha ‘me o bohlokoa kaha o kopaneloa ke lihlopha tse ‘maloa tsa sechaba. A re mosebetsi oa bophatlalatsi leetong  lena e ne ele ho ea sheba ts’ebetso ho ithuta hore na litaba tsa khatiso li tsamaea joang hobane bophatlalatsi  ke molomo oa sechaba ke bona ba fanang ka thuto le litlaleho.

A re ts’ebetso e bile e makhethe hobane mafapha ohle a neng a rometsoe a nkile boikarabello.

Moifo o ne o bopiloe ka bahlanka ba setsi sa Komisi e Ikemetseng ea Likhetho (IEC), Mookameli oa Likhetho, Motsamaisi oa Likhetho,boemeli ba mekha le makhotla a lipolotiki, ho latela mofuta oa likhetho tsa puso ea libaka, ‘me pampiri tsa ho khetha li tla ba mefuta e ‘meli kaha ho tla khethoa mokha kapa lekhotla la lipolotiki ho boeloe ho khethoe le mokhanselara.

Vinkmag ad

Read Previous

Likuena kola li ka mahlong

Read Next

FARMERS PITSO E TLOTLA LIHOAI

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular