Vinkmag ad

AD e ntse e ts’ehetsa puso

Lekhotla la Kopano ea Sechaba (AD), le re le ntse le ts’ehelitse puso e etelletsoeng pele ke Tona-Kholo Samuel Ntsokoane  Matekane le mekha e ts’ehelitseng puso. Tsena li boletsoe ke Mongoli e Moholo oa Lekhotla la Kopano ea Sechaba Tieho Mamasiane, ka la 4 Loetse monongoaha.

O re AD ke karolo ea selekane se thehileng puso ‘me moo e bang selekane se ka ameha ho na le methati e lateloang ho lokisa boemo. A re ba rata hore litho tsohle tsa AD li tle li sebetse ka matla hore li tle li be le ts’usumetso e kholo likhethong tsa puso ea libaka, ntlafatsong ea phano ea lits’ebeletso sechabeng, theolelo ea matla, botsitso ba naha le ho fana ka tharollo mathateng a tobileng Basotho.

A bonts’a hore ho bohlokoa hore Basotho ba kenye letsoho likhethong tsa puso ea libaka, ‘me komiti e kholo ea lekhotla e khethile komiti ea boits’oaro  ho  khalema ba ke keng ba etsa lintho ba ipapisitse le tsamaiso ea ts’ebetso.

Moetapele oa AD. Dr. Ntoi Rapapa, o itse  bona ba ntse ba eme ba sa sisinyehe kaha lekhotla la habo le ntse le tsitsitse, ho fihlela joale.

Vinkmag ad

Read Previous

Mokoko o ts’episa Basotho  lits’ebeletso tse ntlafetseng

Read Next

IEC e nkela mekha le makhotla a lipolotiki  likhato tsa molao

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular