Vinkmag ad

Sepolesa se kolla ntsi hanong – Mokete

Sepolesa sa Lesotho se tekenetse tumellano ea ts’ebetso le LNIG Hollard le ho fana ka thepa ho lefapha la litima-mollo, e reretsoeng ho  tlatsetsa mesebetsing ea sepolesa toants’ong ea mollo. Tsena li bile  ka la 31 Phato monongoaha.

Mookameli oa LNIG Hollard, Mpho Vumbukani, o  itse  o thabile hore ebe ba etsa mosebetsi o thusang Sepolesa sa Lesotho hore se tle se fane  ka lits’ebeletso. A re mosebetsi oa bona ke ho fana ka ts’ireletso ho baji ba lits’ebeletso lefapheng la mollo, hore ba atlehe ho etsa mosebetsi oo ka makhethe, kaha lets’oele le beta poho.

A re ke ha feela sepolesa se e-na le thepa se ka atlehang hore ba fumanele sechaba thuso, hobane ba thusa bahoebi kantle le kahare ho naha esitana le malapa.  A re ho se ho e-na le bothata ba matlo a chang lefats’eng, ‘me thepa ena e tl’o ba thusa ho loants’a bothata boo.

A re ba boetse ba ananela botsebi ba sepolesa ka ho tataisa sechaba hore na se ka ipaballa joang  kahare ho mesebetsi, ka hona ba tla be ba fokolitse mathata a ho iphumana ba lokela ho tima mollo.

Motlatsi oa Mookameli oa Sepolesa sa Lesotho, Paseka Mokete, o itse ba motlotlo ‘me ba leboha  boikitlaetso ba LNIG Hollard, hobane taba ena e romella molaetsa oa hore Basotho ba ntse ba le teng ho thusana moo mathata  a leng teng. A re ba ikotla sefuba ka bosebeletsi  ba LNIG Hollard, kaha sepolesa se kolla ntsi hanong ‘me ke ka bahoebi feela se ka fumanang ts’ehetso.

A re leha ba na le boitlamo ba sitoa ho thusa batho kaha ba hloka lisebelisoa, empa ba tla e sebeletsa ho thibela, ‘me ba hlokomele, ho e sebelisa hantle mesebetsing eo e e reretsoeng molemong oa sechaba. Ke  chelete e kaholimo ho M295,000.00  e sebelisitsoeng ho lokisa  likoloi le ho reka thepa.

Superintendent ‘Muso Lehlokoa ea lisitseng lefapha la mollo sepoleseng, o itse  thepa eo ba e filoeng  e thusa  ho sireletsa bophelo ba batho le phefumoloho, ‘me thepa ena e tla sebelisoa moo ho nang le khaello ea moea, e le hore bona ba bolokehe ba tsebe ho pholosa batho ba bang, hape e tla ba thusa  ka lipuisano  tse bulehileng nakong eo ba pholosang moaho.

Vinkmag ad

Read Previous

Mokhali o ea phomolong

Read Next

Matlama e’a kiba-kiba

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular