Vinkmag ad

Mokhethoa o khalema sechaba

Mokhethoa oa Malingoaneng, Mokhotlong, Ramakalima Monethi,  o khalemme ka matla boits’oaro bo bonahalang bo its’emme kahar’a sechaba sa habo esale ho ba le morero oa khaho ea Letamo la Polihali,moo basali le banana ba bonahalang ba nyahlatsa malapa le ho hoeba ka ‘mele. O boletse tsena pitsong ea sechaba e bileng Mapholaneng, ka la 1 Loetse monongoaha.

A re Lekala la Bophelo le bonts’a hore setereke sa habo se itlhomme pele ka ts’oaetso ea HIV le mafu a mang ‘me hoo ho bolela hore bophelo ba sechaba bo tlokotsing. A re tlaleho ena e ile ea qholotsa hore a ts’oare pitso ea sechaba ho se beha leseling ka boemo bona le ho bitsa mafapha a ikarabellang ho fana ka thuto.

O re khaho ea letamo ha e fihle ka bona, ka hoo ha rate ho bona sechaba sa habo se sotlehile ha khaho ea letamo e fela, ‘me a re  batsoali le  bacha   ba ikemele ba its’ematlele e le ntlafalo ea bophelo ba bona le hore batsoali ba nke boikarabello  ba khaleme bana.

A re ts’ubuhlellano ea batho ba bangata sebakeng e na le litlamorao, ‘me seo a se hlokang ke hore tikoloho ea Malingoaneng  ho be le merero ea boipheliso, bacha ba  kene likolo ba se ke ba itumella ho sebelisoa hampe. A re moo ba hlekefelitsoeng,  ba sebelisitsoeng hampe ba lokela ho tlaleha litaba tsena sepoleseng. A re o soabile le ho nyahama ke litlaleho tsa boits’oaro bo etsoang ke sechaba sa habo.

Lebitsong la   Mookameli oa Lekala la Bophelo seterekeng sa Mokhotlong, Mahoi Ramots’ekhoane, o itse ba qholotsehile ke boits’oaro bo bonahalang kahare ho bacha seterekeng sena, ‘me lipalo tsa ts’oaetso ea HIV li phahame, ka hona sechaba se lokela ho itlhokomela le ho ela hloko ho hlahlobela mafu. A re bacha ba nonosoa lintho tse behang bophelo ba bona tlokotsing.

A re ho utloahala hore sebaka sa Mapholaneng  se phathahane ‘me lekala le ikelelitse ho fana ka lits’ebeletso tsa bophelo le bosiu ho qoba bokhachane bo sa reroang le hore batho ba fumane litlhare haufinyane le lits’ebeletso tsa bophelo.  A re ba boetse ba ntse ba tsoelapele ho fana ka ente e thibelang mofets’e  oa molomo oa popelo ho bana ba lilemo li robong ho isa ho tse 14  le ente ea COVID-19,  kaha e ntse e le teng.

Mamokoena Matekane ho hlaha mokhatlong  oa liakhente tsa Basali Lesotho (WILSA), o itse mosebetsi oa bona ke ho potoloha le libaka tsa Mokhotlong ba ruta bana ka litaba tsa khoebisano ka batho, ho ba thusa ho its’ematlela ho qoba ho kena kahar’a lenyalo ba le tlaase lilemong, ho utloisisa litlolo tsa molao tse ba amang le tse ling.

Moemeli oa Sepolesa sa Tlokoeng Malingoaneng, Inspector Posholi Mapeshoane, o khalemme ka matla batsoali ba bonahalang ba hula linyeoe ha ho qositsoe batho ba hlekefetsang bana ba bona ka le reng bao ba lefe. A re sepoleseng ha ba rekise tlolo ea molao, mosebetsi oa  bona ke ho sireletsa le ho nkela batho ba etsang litlolo tsa molao likhato.

A re bana ba tsebe hore leha ba e-na le litokelo empa li tsamaea le boikarabello, kahoo ba mamele batsoali. A re bacha ba khaotse  ho rekoa ka majoala le ho hoeba ka ‘mele, kaha e le mesebetsi ea nakoana e ba tlisetsang mafu le ho ba senyetsa bokamoso. A re litlaleho tsa litlhekefetso  li ntse li phahama ‘me sechaba se lokela ho nka karolo ea ho sireletsa eseng ba eketse tlhekefetso holima e ’ngoe. A re ba ntse ba potoloha le metse le likolo ho beha batsoali, bana le bacha leseling ka lintho tse kotsi tse tlisoang ke libaka tsa moo merero e meholo e leng teng.

Vinkmag ad

Read Previous

Basali ba Makatholike b’a ikhutsa

Read Next

Mokhali o ea phomolong

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular