Vinkmag ad

Basotho ba seboko ka puso

Basotho ba ts’oenyehileng ho hlaha kahar’a mekha le makhotla a lipolotiki a fapakaneng, ba re Litsi tsa Ts’ireletso li tsoe kahare ho lipolotiki  hobane mosebetsi oa tsona ke ho sireletsa naha. Ba boletse tsena, ‘mokeng oa bo-ralitaba oa la 29 Phato monongoaha.

Ba  re Litsi tsa Ts’ireletso li bonahala li e-na le khahlamelo litabeng tsa lipolotiki, ho latela polelo e nts’itsoeng ke sepolesa ea khalemo ho maparamente ka le reng ba bonahala ba rata ho hlokisa puso botsitso.

Basotho bana ba re  batho ba ts’osoa ka teko ea ho lia puso eleng seo e seng ‘nete hobane  ba phethahatsa democracy kahara naha, kaha democracy ke  tokelo le bolokolohi ba puo le ho ba le lentsoe  kahar’a litaba tsa lipolotiki.

Ba  bonts’a hore  masole le mapolesa ke bahlanka ba ‘muso ha ba lokele ho kena-kenana le litaba tsa lipolotiki  haholo litaba tsa li-party.  A re ho boetse ho na le karolo ea sechaba e hobosang le ho ts’osa maparamente a nkileng kano ea ho sireletsa Molao oa Motheo ka ho bua lipuo tse bolutu le ho sebelisa mantsoe a khoboso.

Ba re ba se  ba tla ngolla machaba  ho ba beha leseling ka litaba tsena kaha ba kholisehile hore Tona-Kholo le ‘Muso  ha ba lumele hore ‘muso ona o sa le molemong oa Basotho, empa ba bona hore ho na le batho ba ratang ho ikhapela naha ka ho sebelisa litaemane tsa Lesotho  le ho ithuhisa ka tsona. Ba re ho bohlokoa hore  paramente  e fetise    molao  o sireletsang  litaemane, o neng o se o felile paramenteng ea 10 o lokela ho tekeneloa.

Mphonyane Lebesa, o itse  ba ema mona ho sireletsa Naha ea Lesotho ‘me le  maparamente  a lokela ho sireletsa naha, ba eme ho democracy. A re mebuso e ne e be teng e etsang bobolu empa ona   e bo etsa pepeneneng , ba khiro eo batho ba sa  bitsetsoang lipotsong empa ba bona ho se ho hiriloe.

A re liketsahalo tseo ba li bonang li’a ba soabisa  hore ebe ho ts’osoa litho tsa paramente, kaha e le tokelo ea bona ea ho beha le ho tlosa Tona-Kholo. A re sechaba sa naha ena se lapile se kolla ntsi hanong empa ha ho bonahale ‘muso  o ikemiselitse ho fetola boemo haholo nakong ena eo Basotho ba lahleheloang ke mesebetsi lifemeng.

Moeketsi Shale o  itse ‘muso o ka be o  ngolisitse literekere tsa Basotho eseng monyetla ebe oa maparamente le matona hobane  li ts’eloa ke ‘muso. A re ho lefshoa lekote ka M1, 000.00 ba theola theko ea manyolo, ba khama bahoebi ba mothamahane ka lekhetho, ba sireletsa likhoebo tsa melata tsa merafo. A re ha mokhoa oa ho kenya chelete o le teng ‘muso o koala mesebetsi, Basotho ba sala ba se na seo ba se etsang ho iphelisa.

A re Tona-Kholo  o ile a kena lipolotiking ka ho reka seaparo sa sepolesa le sesole, ’me chelete eo a e sebelisitseng e ka be e ts’ehelitse Litsi tsa Bophelo. A re Basotho ba nka litaba hanyane maparamente  a be sebete sa ho fetola puso ea Lesotho, ha lintho li sa tsamae hantle.

H’a ba tsoelapele o re Basotho bana ba re lintho tse thehileng ‘muso ba bona li sa etsahale ho hiroa batho ba tsofetseng, empa bacha ba hloka mesebetsi, hape ba hlokometse hore bapolotiki  ba ba sebelisa hampe ha ba batla menoana ea bona, empa ha ba lokela ho ba hira b’a ba nyahlatsa ebile ba rehoa mabitso.

Ramaipato o re  ho ka fosahala hore ba tlohele lintho li senyehe ba li shebile kahare ho naha, hobane ba lokela ho nka boikarabello ba hore naha e busoe hantle, bacha ba fumane mesebetsi ba se ke ba sotloa empa e le bona bokamoso ba naha.

Vinkmag ad

Read Previous

Bohanyetsi bo soaea ’muso mohlare

Read Next

LDF Ladies e bapala mokhekhetho

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular