Vinkmag ad

PAC e simolla ts’ebetso

Molula-Setulo oa Komiti e lisitseng Ts’ebeliso ea  Lichelete tsa ‘Muso (PAC), ‘Machabana Lemphane Letsie,  o re komiti ea  habo e simollotse ts’ebetso ea eona, moo e tla hlopholla litlaleho tsa ts’ebeliso ea lichelete tse entsoeng ke  Mohlahlobi e Moholo oa Libuka tsa ‘Muso tsa selemo sa  2017 ho isa ho 2021.  Tsena li bile ka la 28 Phato monongoaha.

O re tulo ena ke ea pele paramenteng ea 11, eo ba lebelletseng  ho tla ts’ohla litlaleho tseo ‘moho le makala a ikarabellang ho ea ka lethathamo la bona la ts’ebetso. A re ba tl’o ts’oara ka thata hore Basotho ba tsebe  seo e leng ‘nete ts’ebelisong ea lichelete le ho fana ka likhothaletso moo ho hlokahalang, ‘me e simollotse ho ts’ohla tlaleho ea lichelete ea Lekala la Lichelete le Nts’etsopele ea Meralo.

Ramatlotlo e Moholo oa ‘Muso Malehlohonolo Mahase, o itse ka nako e telele  e sa le ba tobane le qholotso ea tiehiso ea ho fumana litlaleho tsa lichelete ho tsoa makaleng. A re taba eo e ne e ba etsetsa ts’ebetso e bulutu, joaloka tloaelo ea ts’ebeliso e sekhahla ea lichelete ha selemo sa lichelete se haba ho fela. A re bahlanka ba iphumana ba sebelisa chelete ka sekhahla hoo ba sitoang le ho supa hore e sebelitse eng, hobane  ba sa ka ba e sebelisa  sebakeng sa merero ea eona ka nako.

A re ba se ba lefa mekoloto eohle ea ‘muso ka marang-rang, ka hoo ha hona motho ea ka kena-kenanang le ts’ebetso ea lekala lefe kapa lefa, ka ho lefa mohoebi ka letsoho. A re ho tloha ka la 1 ‘Mesa 2023 ba sebelisa  marang-rang  ho lefa e le mokhoa oa ho  boloka libuka li hloekile.

A re seo ba se elelletsoeng ka nako e telele  litlalehong tsa Mohlahlobi oa Libuka tsa ‘Muso,  ke hore  ts’ebeliso ea lichelete e ne e le boemong  bo tlaase eleng qholotso e neng e bakoa ke ts’ebeliso e lephahla-phahla ea lichelete ha selemo sa tsona se fela.

Setho sa PAC Makatleho Motsoasele,  o re o ngongorehisoa  ke  ts’ebeliso e tlaase ea lichelete makaleng empa sechaba se laretse lintlafatso  le tlhahiso ea mesebetsi, ‘me taba ena e bakela naha bolutu le tiehiso ea tlhahiso ea merero e meholo ka lebaka la bahlanka ba sa sebeliseng chelete eo ba e abetsoeng.

Setho komiting ena, Thabiso Lekitla, o itse naha ea Lesotho e lokela ebe le mokhoa o hlakileng oa machaba o laolang tsamaiso le ts’ebeliso ea lichelete tsa sechaba, hobane taba ena e etsa hore Lesotho le sitoe ho ba le taolo e hlakileng ts’ebelisong ea lichelete. A re re phela nakong eo bahlanka ba lokelang ho tla ka maoa a ntlafatso ea taolo le ts’ebeliso ea lichelete makaleng e le hore ho be le mocha o le mong oa tsamaiso ea lichelete molemong oa ponaletso.

Vinkmag ad

Read Previous

34.8% ea bana e tlokotsing ea bokakachelana

Read Next

Emisang ho fa sepolesa tjotjo-Insp. Mofoka

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular