Vinkmag ad

Lets’eng e kenya letsoho toants’ong ea litlolo tsa molao

E le katoloso ea phano ea lits’ebeletso kahara sechaba, morafo oa litaemane Lets’eng Diamond Mines, e nehelane ka koloi ho Sepolesa sa Lesotho, ka la 25 Phato monongoaha.

Motlatsi oa Mookameli oa Sepolesa sa Lesotho DCP Mahlape Morai,  o itse koloi ena e fanoe lefapheng le sebetsanang le litaemane le lithetefatsi, ‘me mosebetsi  o moholo ke hore  ba tlisitse phetoho ts’ebetsong ea bona, ‘me ba khethile ho fana sebakeng sa polokeho ea ts’ebetso ea sepolesa le Basotho.

Lebitsong la Mookameli oa Lets’eng Diamonds Ts’epo Hlojeng, o re ba tiisitse boitlamo ba bona ba ho khutlisetsa sechabeng nako eohle ha ba ntse ba sebetsa kahar’a naha, ‘me ba ithutile tlala le bofuma bo tjametseng Basotho, ka hona ba hloka hore ba etse tlatsetso, ka ho ba ts’ehetsa tlhahisong ea lijo  le ho tsetela litabeng tsa bophelo le tsa thuto kaha selemo le selemo ba fana ka lihlapiso ho bana ba Basotho.

A re ba rata hore moo litlolo tsa molao li etsahalang ba sebetse ‘moho, hoba liqholotso li ngata  tsa ho nyamela kapa ho utsuoa ha litaemane, ‘me tlatsetso ea bona ke hore  ba fane ka koloi e le tlatsetso mosebetsing oa sepolesa.

Letona la tsa Lehae, Sepolesa le Borena, Mohlomphehi Lebona Lephema, o itse  Lets’eng Diamond Mine e kentse  letsoho toants’ong ea litlolo  tsa molao, kaha  mapolesa a tla tseba ho fihlela  sechabeng.  A re o ile a potoloha le litsi tse ling tsa sepolesa e le mokhoa oa ho bona hore sepolesa se fumana lisebelisoa.

A re ba leboha lets’eng  ka mpho ena kaha e kenya letsoho ntlafalong ea lits’ebeletso  tsa sepolesa, ‘me ba koetlisitse mapolesa a tla sebelisa  likoloi  tsa sepolesa hore li laolehe  ka nepo. O re o rata hore Basotho  ba ts’oarane ka matsoho le bahoebi ba thuse Sepolesa sa Lesotho  kaha se le teng ho thusa Basotho.

A re boemo ba motebo oa sepolesa Ha Ramabanta ha o na chebahalo e ntle, kaha  ba alosa metse e kaholimo ho 100, ‘me ho sebetsa Mapolesa a 16, bana le pere e le ‘ngoe. A re   Thabana-Morena  litlaleho tsa litlolo tsa molao li theohile, ‘me ba alosa metse e 133 empa ba se na le koloi, marako a’ ritsa a kanna a  oela. A re o kholisehile hore mapolesa a sebetsa ka thata ho sireletsa Basotho, ho boloka le ho sireletsa seriti sa naha. A re ba batla ho etsa bonnete ba hore mapolesa a na le seaparo se setle.

Vinkmag ad

Read Previous

LDF Ladies e koebana le Ntopwa

Read Next

Bohanyetsi bo soaea ’muso mohlare

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular