Vinkmag ad

34.8% ea bana e tlokotsing ea bokakachelana

Mamekhatlo oa Mekhatlo oa Batho ba nang le Bokooa Lesotho (LNFOD), ka kopanelo  le Spoon John’s Hopkins International injury Research Unit, e re ke 8.2% ea bana ba pakeng tsa tse peli ho isa ho tse ‘ne ba sa holeng hantle kahar’a naha ka lebaka la khaello ea phepo e ntlafetseng, tsena li buoe ka  la 28 Phato monongoaha.

Boithuto bo entsoeng seterekeng sa Mokhotlong le Maseru ka lilemo tsa 2022 le 2023 tlasa morero  oa ho hlahloba kholo e nepahetseng ea bana ho kenyeletsa le phepo e nepahetseng, bo sibolotse hore  bana ba bangata ba hola ba e-na le khaello ea pono, motsamao le ho ithuta, ha bana ba  ka tlase ho lilemo tse hlano Lesotho  ba e-ba le bokakachelana,kholo e sa ntlafalang  le khaello ea ts’epe ‘meleng.

Boithuto bona bo entsoe litsing tse hlano tsa bophelo, likolong tse hlano tsa likonyana setereke ka seng ka ts’ebeliso ea khokelo ea marang-rang a Count Me in, ao  ho ngolisoang ngoana ka mokhoa oa lipotso ebe ho kenyeletsoa lelapa ebe ngoana o fetisetsoa setsing  ho fumana thuso e hlokahalang, kaha marang-rang ana  a tla  sebelisoa ke litichere likolong tsa likonyana a hokahane ‘moho le a litsi tsa bophelo.

A re kaha boithuto e ne e le ba lilemo tse peli, baoki le litichere  ba atlehile ho hlahloba bana ba 488, ‘me lipalo-palo li bonts’a  bana ba nang le selemo ho isa ho tse tharo ba na le bokakachelana, ha ba selemo ho isa ho tse ‘ne  ba sa hole hantle.

Mookameli Lefapheng  la Lits’ebeletso tsa Mantlha tsa Bophelo, Dr. Makhoase Ranyali,  o re lekala la habo le tobane le phephetso ea bana ba sa holeng hantle, ka hoo morero ona o hlokahala o be teng likolong tsohle, litichere li tsebe ho hlahloba hore bana ba boemong  bofe ba bophelo ba tsebe ho fetisetsoa moo thuso e ka hlahang.

A re ba rata hore ho koetlisoe marena, makanselara, basebeletsi  ba tsa bophelo  metseng  le basali, kaha ho e-na le bana ba ntseng ba sala malapeng ha ba bang ba ntse ba kena sekolo. A re ho tla hlahlojoa le bakhachane e le hore ho hlahlojoe bana ba sa le banyenyane molemong oa kholo e nepahetseng  ea bona, ho qoba hara tse ling bokakachelana, bofofu, khaello ea ts’epe ‘meleng ea bana le ho ba le bokooa.

Mookameli oa LNFOD, Nkhasi Sefuthi, o itse morero ona o bohlokoa, kaha o tl’o thusa Naha ea Lesotho ho ntlafatsa phepo e nepahetseng ea bana, ho qoba bofofu, kholo e sa nepahalang ea bana le bokooa kaha ngoana a tla hlahlojoa ho tloha kholong ea hae. A re lintho tse ling kahar’a naha li ipakeloa ke khaello ea lisebelisoa tse teng e leng se amang kholo e ntle ea bana le tlhokahalo ea lijo malapeng.

Setsebi sa litaba tsa phepo kahar’a SPOON Dr. Zeina  Makhoul, o itse Naha ea Lesotho  e lokela ho matlafatsa  litaba tsa phepo e nepahetseng, ho ela hloko ho hlahloba bana khafetsa e le hore bana ba nang le bothata le ba malapa a bo bona ba fumants’oe ts’ehetso. A re morero ona o fana ka monyetla ho malapa   ho elelloa khaello e teng kholong ea bana.

A re ke 29% ho bana ba lilemo li 0.6, literekeng  tsa Mokhotlong le Maseru ba nang le bokakachelana, ha 23% ele ba   khoeli li 0- 24  ba le tlokotsing ea kholo e nepahetseng.

E  mong oa batsoali eo ngoana oa hae a fumaneng thuso, Libuseng None, o itse o ne a sa hlokomele hore ngoana oa hae o na le khaello, empa ka lebaka la Count Me in o atlehile ho tseba kholo ea ngoana. A re ngoana oa hae o se ntse a thusoa setsing ho fumana kalafo, haholo tlatsetso ea lijo, kaha a se na bokhoni ka lebaka la tahlehelo ea mosebetsi.

Tlaleho ea WFP ea Mots’eanong 2023, e supa hore naha ea Lesotho e tlokotsing e kholo ea   khaello ea phepo baneng ba nang le bokakachella. Ke  34.8%  ea bana ba  likhoeli tse tselets’eng ho isa ho 59 ba tlokotsing ea khaello ea phepo, ka  lebaka la boemo bona WFP  e ts’ehetsa 150,000   ea baithuti ka liphutheloana tsa lijo khoeli le khoeli le malapa a 1,422  ka chelete ea tlatsetso ea lijo.

Lipehelo tsa moshoelella SDG 3 li khothaletsa bophelo bo botle ba bana le ba batho bohle, ha SDG 2 e khothaletsa hore ho nts’oe tlala  ka metso malapeng, ‘me likhothaletsa hore ho se be le ngoana ea sihelloang ka thoko, mererong ea ntlafatso le thuto.

Vinkmag ad

Read Previous

Chamisa o hana sephetho

Read Next

PAC e simolla ts’ebetso

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular