Vinkmag ad

IEC e hlakola Mokha

Moeletsi oa Molao oa ngoliso le tsamaiso ea liparty, Lehlohonolo  Suping o re ba hlakotse  mokha oa Revolutionary Alliance of Democrats lenaneng la mekha le  makhotla a lipolotiki  a ingolisitseng le IEC, kaha esale ba ntse ba fana ka litokomane tsa mokunyata. Tsena li hlahelletse ‘mokeng oa bo- ralitaba oa la 24 Phato monongoaha.

O re  ba fumane hore bao ba ne  ba bonts’itse ba e-na le liofisi empa lipatlisiso tsa bonts’a  hore liofising  tseo ho sebeletsa batho ba khoebo e ’ngoe.  A re ona mokha o ts’oanang o ne o fana ka lethathamo la litho tsa lona leo eseng la ‘nete kaha ba fumane hore batho ba neng ba ngotsoe lethathamong e le litho tsa Mokhotlong  ke ba ‘Maletsunyane le batho ba ileng ba atameloa ke komisi e le litho ba latola mabitso a bona kahara mokha ona ka mongolo.

A bonts’a hore mokha kapa lekhotla le hlakotsoe nakong ena ea boiketo ba likhetho tsa puso ea libaka, ‘me moikiti ea neng a eme tlasa folakha ea mokha kapa lekhotla le joalo a tla fuoa lets’oao le lecha ke IEC kapa ba tla itlela le a boikhethelo ba bona hobane a mokha kapa lekhotla le hlakotsoeng a hlakoloa.

A re ba entse sena hobane ba kholisehile hore mokha ona, ha oa latela melao le lipehelo tsa IEC, ‘me ke mekha le Makhotla a mane a hlakotsoeng ka boithaopo, ona ke Alliance of all Basotho   Victims,Hamore,  Ts’epo ea Basotho le People’s Convention, e ngolisitsoeng bocha ke Basotho Pele (BP).

Suping o re ba ts’oere ka thata ho bona hore mekha le makhotla a lipolotiki  a ikobela tsamaiso le ho sebetsa ka katleho le bona. A re ka Phuptjane 2019, ho ne ho se na komisi ho bile le sekhahla se holimo sa ngoliso ea mekha le makhotla a lipolotiki hoo ba ileng ba elelloa hore tse ling li se li sa ikobele tsamaiso.

H’a phethela o ipilelitse ho mekha le makhotla a lipolotiki ho ts’epahalla IEC kaha ba lomahantse meno, ho tsomana le ‘nete litabeng tsa bona. A re ba se ba le mothating oa ho tla tsoa lets’olo ho batla litlaleho tsa lichelete ho mekha le makhotla a lipolotiki, ba ba bulele mamati.

Vinkmag ad

Read Previous

Matlama e phatlalatsa libapali

Read Next

FARMERS PITSO E TSOSOLOSA LIHOAI  

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular