Vinkmag ad

EduYou e’a thakholoa

Mocha ebile e le moithuti ka Unifesithing ea Mahlale, Limkokwing Joyce Ramorara, ea ithutang lefapheng la Khaso le Boqolotsi ba Litaba o thakhotse sethala sa marang-rang se bitsoang EduYou podcast, seo sona har’a tse ling se tlang ho thusa bacha ho etsa liqeto tse bohlale le khetho ea litsebo kapa mesebetsi ho latela tjantjello ea bona. Ts’ebeletso ena ebile Maseru ka la 27 Phupu 2023.

Ramorara o hlalositse hore EduYou postcast ena, e tl’o thusa bacha ho etsa liqeto tse bohlale, ho thusa bacha ho iketsetsa liqeto le ho ba tataisa hore ba be sehlohlolong sa mecha e meng moo ba ka unang molemo.

Har’a lintlha tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo bacha ba lokelang ho li lemoha ho latela tlhaloso ea Ramorara, ke ho ela hloko qeto eo mocha a e nkang malebana le ho khetha thuto e itseng kapa taba-tabelo e itseng, hore o lokela ho etsa seo ka maikutlo a pholileng hore e feela e le seo a se laba-labelang, esere kamoso a iphumana a sebetsa mosebetsi o sieo pelong ea hae, ‘me seo sa mo bakela khatello ea maikutlo.

Chebelo-pele ea EduYou Podcast ho ea ka Ramorara, ke ho sebetsa e ts’oarane ka matsoho le mafapha a mang ao e nang le sepheo se ts’oanang le ona joaloka Lekhotla la Thuto e Phahameng (CHE), e le ho otla le ho tataisa bacha hore ba etse khetho e ntle mabapi le lithuto tseo ba batlang ho li etsa.

H’a tsoelapele o re e ‘ngoe ea liqholotso tse khinang bacha ho latela litaba-tabelo tsa bona lithutong, ke hore Lesotho lithuto li’a tlama, moithuti h’a be le monyetla oa ho hloaea lithuto tse itseng tseo a nang le thahasello ea tsona, empa ha maano a thuto a ka a chakeloa le ho ntlafatsoa, baithuti ba fumana tataiso e ntle ea ho etsa khetho ho latela boikutlo ba bona, sekhahla se phahameng sa baithuti ba sieang likolo ka lehare se ka theoha haholo.

Ho sa le joalo, e mong oa barutoana bao Ramorara a ntseng a ba otla ka litaba tsa khetho e nepahetseng ea lithuto, Boitelo Mokete, o bonts’itse hore lithuto tseo ba li pasetsang holimo likolong, ha li bolele hore ba lokela ho etsa khetho ba ipapisitse le tsona, empa ba lokela ho etsa khetho ho latela hore na ba rata eng haholo.

Ka thoko ho moo, Dr. Lits’abako Ntoi, Mookameli oa CHE, o bonts’itse hore maano, molao le tsamaiso, li khina baithuti ho pharalatsa bokhoni ba bona, leha ho le joalo, a supa hore ba etsa sohle se matleng ho leka ho kenya boikitlaetso litabeng tsa maano, empa qholotso ke hore “’muso ha o tate”.

Lebitsong la Mookameli oa Limkokwing, Khotso Moabi, o itse  sekolo se khothaletsa boqapi le hore baithuti ba itlhahisetse mesebetsi molemong oa boipheliso. A re ba motlotlo kaha litholoana tsa thuto eo ba fanang ka eona li bonahala eleng seo ba se hlokang. A re boholo ba baithuti ba tobane le qholotso ea khaello ea tsebo le kutloisiso ea seo ba se hlokang ha ba fihla likolong tse phahameng eleng se etsang hore boholo ba nyahlatse sekolo ka lehare.

Molula-Setulo oa MISA Lesotho, Kananelo Boloetse, o itse ba motlotlo ke ho bona ntlafalo le kholo kahare ho bophatlalatsi haholo ka ts’ebeliso ea marang-rang. A re ba hloka ho bona lithala tse ’maloa tse  sebelisoang ke sechaba e le tsa Basotho ho rua tsebo, ka hona ba thoholetsa Ramorara ka morero ona, oo a bileng le ona, kaha e le qaleho ea leeto le  letle bophelong ba hae ba bophatlalatsi. O bile a ipiletsa ho baphatlalatsi ho sebelisa marang-rang ho phatlalatsa litaba nako eohle, e le karolo ea ho fetisa litaba le ho koala sekheo se teng sa litaba tseo eseng tsa ‘nete, ‘me tse khelosang sechaba.

Vinkmag ad

Read Previous

Mojaki o qhaneha pere

Read Next

OCC e fana ka limpho ho bana

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular