Vinkmag ad

LBA e leba likhethong

Mokhatlo oa Papali ea Basketball Lesotho o tla leba sebokeng se seholo ka la 30 ‘Mesa monongoaha, kamor’a ho ba le kopano ea seboka se khethehileng ka la 9 Tlhakubele monongoaha. Phatlalatso e hlalosa hore sebaka seo ‘moka o tla tšoareloa ho sona se tla phatlalatsoa ha morao. Qeto eo ea seboka se khethehileng ke eona e ileng ea etsa qeto ea hore ka la 30 ‘Mesa Komiti e Kholo e bitse likhetho tse akaretsang tsa mokhatlo.

Puisanong le Moeletsi oa Basotho, Mongoli e Moholo oa Lesotho Basketball Association Monghali Tšeole Kojana, o tiisitse hore letsatsi ke la 30 ‘Mesa e le le hloailoeng ele la seboka sena se akhang likhetho kahare, ‘me a re ebang ho na le phetoho mokhatlo oa habo o tla etsa tsebiso. A re ke fela litho tse patetseng botho ba mokhatlo tse tlang ho lumelloa ho ba le seabo ‘mokeng ona, le ho khethoa h’a komiti e kholo ea mokhatlo tlasa molao oa motheo oa eona. Kojana o lielletse ka hore ho mengoa mabatooa ohle a papali ena ka har’a naha ea Lesotho, ho tla sebokeng sena se seholo ho tla khetha komiti ea bona.

Ho ea ka phatlalatso ea mokhatlo, tse tla tšohloa ‘mokeng ona ke tlhahlobo ea molao oa motheo oa mokhatlo le lihlomathiso tsa ona, tlaleho ea lichelete, tlaleho ea president le likhetho tsa Komiti e Kholo. Mokhatlo ona o tla sebokeng se seholo tjena kamor’a lintoa tse ngata, moo mokhatlo ka Komiti e Kholo ea eona o neng o qosa litho tse ling le lihlopha hore ba ile ba theha liki ea papali ena ntle le tsebiso ea mokhatlo ona. Komisi ea lipapali LSRC e ne e be ea kena lipakeng ho rarolla qaka ena. Ba nang le tokelo ea ho khetha, ke lihlopha tsohle tse ngolisitseng le liki e kholo ea papali ena, lihlopha tsa Likolo tse Phahameng le litho tse ikemetseng. Boiketo ba likhetho tsena bo ne bo koalloa ka la 14 ‘Mesa monongoaha, ‘me lethathamo le tla phatlalatsoa ha morao pele ho seboka sena se akaretsang.

Vinkmag ad

Read Previous

Litlaleho Tsa Sepolesa

Read Next

Mabeoana a rapella Rabasotho

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular