Vinkmag ad

NRA e hema ka leqeba

Tlhopho-Bocha ha ea tsoela naha molemo, ho bapetsoe ka maikutlo le lichelete tsa sechaba kaha boholo ba maikutlo a sechaba, lekhotla la matona le lahletse lihlomathiso tsa molao oa motheo tse 30 matjoing. Tsena li boletsoe ke Molula-Setulo oa Tlhopho-Bocha (NRA) Morena Pelele Letsoela, puisanong le koranta ena, ka la 11 Phupu monongoaha. O re hoja ha ho’a senyetsoa sechaba ka hore ho theoe NRA ebe ke maparamente a entseng mosebetsi oo kaha mosebetsi oa bona boholo o sa chabeloa ke letsatsi.

Molula-Setulo oa NRA, Morena Pelele Letsoela.

O re litaba tsena li re moo ho neng ho lokela ho lokisoa empa ho ntse ho le joalo, khotso le botsitso tse laba-labeloang ke Basotho li ke ke tsa bonahala li eba teng, ha fela litaba tsa sechaba li sa tšoaroe hantle. O re moruo o ke be oa ntlafala ha litaba tsa naha li sa sebetsoe ka ‘nete eohle ho ea ka tlhoko ea sechaba. Letsoela o re ba maketse hore bona batho ba khethiloeng ke sechaba ha ba natse maikutlo a sona. O re maikutlo a seng a fetotsoe lihlomathiso tsa molao oa motheo a hlahisitsoe ke Basotho ho shebiloe mathata a tsamaiso ea naha, kaha ho ile ha botsoa sechaba hobane ho ne ho hlokoa hore ho fumanoe tharollo litabeng tsa naha.

A re ke tlalehong e entsoeng ke NRA moo ba elelloang hore ho lahletsoe ka thoko litaba tse 30, tseo eleng karolo ea maikutlo a sechaba eseng a NRA. O re litaba tse lahliloeng li kenyelletsa phumaneho ea litaba tsa ‘muso ke baqolotsi ba litaba, Sesole sa Lesotho se ikarabelle ho Motlotlehi e le eena ea ka fihlelang tharollo ea moshoelella liqetong tsa Sesole, ha Mookameli oa sesole a tla ‘ne a tsoelepele ho ikarabella ho ‘muso. Ho kenya liboko tsa Bafokeng, Baphuthi, Matebele le Bathepu kahara ntlo ea senate kaha le bona ba kentse letsoho litabeng tsa naha ena, ba mpa ba ile ba siuoa morao ho ea ka nalane, ‘me taba ena lekhotla la sechaba lee lahlile.

A re mofuta oa ho khetha ka motsoako oa masiasiane le khekhethane o ne o sebelisoe ho reka khotso ea naha, ‘me ba ne ba ratile hore ho be le pampiri ele ‘ngoe ea ho khetha, ha bakhethoa ba sechaba ba qhekella batho ka hore ho be le lipampiri tse peli tsa ho khetha. A re ho latela democracy NRA e entse qeto ea hore motho h’a ngolisa mokha kapa lekhotla la lipolotiki a hlapantšoe hore o tla ananela le ho hlompha khotso le botsitso ba naha, a ke ke a arola Lesotho, a sebetse tlasa puso ea sechaba ka sechaba e tla ba molemong oa Lesotho, sena ba se khothallelitse ho qoba mekha le makhotla a lipolotiki a reng naha ea Lesotho e kopane le Afrika Boroa.

O re ho tšela paramenteng molemong oa botsitso ba paramente ho kenelle kahara molao oa motheo kapa o tsamaisang paramente empa seo se qheletsoe ka thoko ho molao oo, o kenyellelitsoe kahara molao oa likhetho. A re hore Tona-Kholo e tlosoe kahara paramente ha e sa sebetse ho latela tsamaiso, taba eo ba e tlositse, ba boetse ba entse mongolo o se nang matla o totobatsang hore na mebuso ea kopanelo e thehoa joang hore qetellong ba tle ba tsoe litaba tseo fatše kaha ba sa natsa tlaleho ea NRA, e totobalitseng hore na mebuso ea kopanelo e thehoa ho ipapisitsoe le maano eseng hore na motho ha rate e mong joang.

A re ba boetse ba supile tlalehong ea bona hore na mathata a naha ena a ka rarolloa joang, ho fapana le ho batla tharollo ea likhang tsa bona ho SADC le naheng ea boahelani, ka ho khothaletsa hore ntlo ea Motlotlehi e sebelisoe e le sets’abelo ebile e le hona moo ho ka rarolloang likhang teng, empa taba ena ha hlaha kahara lihlomathiso tsa molao. O re bangoli ba ‘muso ba tlosoe letsuka la lipolotiki bosebeletsing ba sechaba, Ofisi ea Mongoli e Moholo oa ‘Muso e ikemele, a okamele bahlanka bohle ba baholo ba ‘muso, ‘me taba ena e hlakotsoe e ntse e tlohelletsoe ele khiro e tla etsoa ke Tona-Kholo, ‘me letsuka la lipolotiki le ke be la fela.

A re taba ea hore Ramatlotlo e Moholo oa ‘Muso a kenngoe molaong oa motheo a seke a tekenisoa mesebetsi e sieo, a ikemele, ba e nyahlalitse kaha a ntse a tla ikarabella ho Tona-Kholo. A re ba ne ba khothalelitse hore ho thehoe setsi seo motho ea tletlebang ka nyeoe ea hae, a ka eang ho sona lekhotleng hore toka e abeloe bohle, empa taba ena e nyahlalitsoe ke lekhotla la sechaba leha ho ne ho itsoe NRA ke molula-qhooa ea tla bona hore litaba tsa sechaba lia kenella kahara tlhopho-bocha. O re hoa tsebahala hore litaba tsena li lokela hore ebe li sebelitsoe ka nako empa ho se ho etsoa lephahla-phahla leo qetellong le tlo tima sechaba monyetla oa ho bua kalitaba tsa sona.

Puisanong le Maparamente oa LCD, TebohoSekata, o re bona ba boneba ntse ba sebetsa hantleetsoe ba lokela ho shebisisalitaba hantle. A re e ne e sehore litaba tsa NRA li ka fetafeela matsohong a bona, empa ba na le tokelo ea ho fetola le ho hlopholla taba molemong oa Basotho. A re ha ba ke be ba sebetse hoea ka lithahasello tsa bona kaha ba le paramenteng ka thomo ea sechaba. Moetapele oa NIP, Kimetso Mathaba, o itse ba utloa litaba tsa NRA empa le eona e hopole hore mosebetsi o feta matsohong a likomiti, ha se hobane ba sebetsa ba le tlasa khatello empa ba sebetsa ka thata ho bona hore ba lokisetsa hore paramenteng e tlang e tle e kene tšebetsong e hloekileng. Are Basotho b’a mameloa Ntlong ea Bakhethoa ka hona maikutlo a bona a ke ke a lahloa kapa a qheleloa ka thoko.

Vinkmag ad

Read Previous

Likoloto tsa naha limaemong a amohelehang-Sophonea

Read Next

Dr. Majoro o tšelisa Naha ea Japane

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular