Vinkmag ad

Litlaleho Tsa Sepolesa

Thaba-Tseka

Monna ea lilemo li 33, Maphale Mohlobola oa Ha Khoanyane moreneng, o hlahile kapel’a Lekhotla la ‘Maseterata, ka la 8 Phupu monongoaha, a qosoa ka polao ea nkhono ea lilemo li 66. Tlaleho e supa ha ka la 5 Phupu monongoaha monna enoa a ile a fumana nkhono a ntse a kotula poone tšimong eo pelaelo e leng hore ba ne ba e-na le qoaketsano ho eona, ke moo a ileng a khakhatha nkhono a b’a mo hlaba ka thipa hofihlela a felloa ke bophelo. A nt’o inehela sepoleseng hammoho le thipa le lebetlela tseo a li sebelisitseng ho bolaea nkhono

SSP Mpiti Mopeli.

Maseru

Monna ea lilemo li 34 Mosebe Mokhatholane oa Masoeling Berea, empa a lula Qoaling, o ile a hlaha kapel’a Lekhotla la ‘Maseterata Maseru, ka la 5 Phupu monongoaha. Eena o qosoa ka ho ba le sethunya sa 9mm kathoko ho molao. Tlaleho e supa ha monna enoa a ile a tšoaroa ke sepolesa empa lekhotla la mo fanyehela kahlolo ea hae nako ea selemo ‘me eo o lokolohile.

Sepolesa sa thibelo le toantšo ea bosholu se tšoere banna ba bararo ka la 10 Phupu monongoaha ka pelaello ea bosholu ba liphoofolo. Ho hlahella ha sepolesa se ile sa hlabeloa patsana hore ho na le liphoofolo tse belaelloang e le tsa bosholu tse neng li feta sebakeng sa Ha Setho. Ke moo se ileng sa sala monyenyetsi morao ‘me sa fumana banna ba bararo ba ntse ba qhoba likhomo tse 27 le lipere tse 4.

Mohale’s Hoek

Monna ea lilemo li 56 ‘Muso Pii oa Taung Ha Pii, o hlahile kapel’a Lekhotla la ‘Maseterata Mohale’s Hoek, a qosoa ka ho ba le sethunya sa 0.38 le likulo tsa sona tse ‘ne kathoko ho molao. Lekhotla le mo ahlotse selemo chankaneng kapa ho lefa M4, 000.00 eo a atlehileng ho e lefa. Tlaleho e supa ha monna enoa a ile a hloleha ho hlahisa litomomane tsa ho ba le sethunya sena.

Leribe

Mosali ea lilemo li 21 Lebohang Matoli oa Mphosong Tiping, o hlahile kapel’a Lekhotla la ‘Maseterata Leribe ka qoso ea ho se hlokomele ngoana oa hae oa moshanyana ea kabang lilemo li tharo. Lekhotla le mo ahlotse M1, 000.00 kapa ho hlola chankaneng likhoeli tse tšeletseng ‘me a sitoa ho lefa. Tlaleho e supa ha mosali enoa a ne a sia ngoana enoa ntlong eo ba neng ba lula ho eona ebe o ikela bahlankaneng hoo ka nako e ‘ngoe a neng a sie eo mor’a hae beke. Sepolesa se fumanetse ngoana eo lehae.

Vinkmag ad

Read Previous

Litho tse 12 li khutlisetsoa koetlisong

Read Next

LBA e leba likhethong

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular