Vinkmag ad

Litho tse 12 li khutlisetsoa koetlisong

Litho tse 12 tse ileng tsa behelloa ka thoko ho koetliso ea sepolesa ka lebaka la hore ba bang ba fumanoe e le bakhachane ha ba bang e le manomoro, li khutliselitsoe koetlisong kamor’a hore ba kenye nyeoe khahlanong le Mookameli oa Sepolesa le Ramolao oa ‘Muso, ka la 11 Phupu 2022. ‘Muelli oa bona Adv. Rethabile Setlojoane, o tlalehetse Lekhotla le Phahameng hore ba khutliselitsoe kahare ho koetliso ea sepolesa, kamor’a hore lekhotla le laele Mookameli oa Sepolesa, Holomo Molibeli ho fana ka khatelopele litabeng tsa ho ba khutlisetsa koetlisong hona ka letsatsi le tšoanang.

Leha ho le joalo, lengolo le ba khutliselitseng koetlisong le supa hore leha ba khutlisetsoa koetlisong joalo, ba tsebe hore ho na le nyeoe ea boipiletso litabeng tsena, empa ba tla tsoelapele ho fumana meputso ea bona ea khoeli le khoeli. Setlojoane, o bonts’itse hore lengolo leo le khutlisetsang litho tseo koetlisong le fihlile morao haholo ka Labohlano la la 8 Phupu monongoaha, eaba ka le hlahlamang ke hona a atlehang ho ea netefatsa hore ba feela ba khutliselitsoe, ‘me a bolelloa hore ba khutliselitsoe, empa ba ne ba sa lumelloa ho buisana le eena.

Tsena li latela hore Moahloli Tšeliso Mokoko a laele hore Molibeli a tl’o hlaha kapel’a lekhotla ka seqo ho tla hlalosa hore na ke ka mabaka a feng a hlolehileng ho phethahatsa likahlolo tse ileng tsa etsoa ke lekhotla mabapi le teleko ea litho tseo, moo lekhotla le neng le ile la batla hore a (Molibeli) tl’o hlalosa hore na hobaneng a sa ikobela litaelo tsa lekhotla tsa la 24 le la 29 Motšeanong 2022, tse ileng tsa ntšoa ke Moahloli ‘Maliepollo Makhetha lekhotleng le tšoanang. Hape a tl’o boela a hlalosa hore na hobaneng lekhotla le ke keng la nka khato e lokelehang khahlanong le eena malebana le ho hloleha ho phethahatsa litaelo tse joalo.

Moahloli Mokoko o ile a supa hore boitšoaro ba Mookameli oa Sepolesa bo bontša ho se hlomphe makhotla le hore taba ena e bang e ka lumelloa ho tsoelapele, e tla thunthetsa kabo ea toka. A re Mookameli oa Sepolesa o file lekhotla kutloisiso ea hore o tla ikamahanya le litaelo tsa lekhotla tseo a lumellanang le tsona. Litaelo tseo tsa lekhotla e ne e le tse laelang Molibeli ho busetsa litho tseo koetlisong, eaba h’a ikobele litaelo tse joalo, eaba lekhotla le mo bitsetsa ho hlaha kapel’a lona. Molibeli o ile a ikopela tšoarelo ho lekhotla hore ebe o liehile ho phethahatsa taelo ea lona,’me lekhotla la laela hore a khutlisetse litho tseo koetlisong, a be a fane ka tlaleho ea khatelopele tabeng eo ka Mantaha oa la 11 khoeling ena hoseng.

Kamor’a hore moahloli a mo fe nalane ena, Molibeli o ile a ananela hore ha b’a tšoara litaba tsena ka tsela e lokelang, ‘me a supa hore ba ntse ba le tšebetsong ea ho kenya litaelo tseo ba li fuoeng ke lekhotla tšebetsong. Litho tsena li fumanehile e le karolo ea manomoro, ha ba banana bona ho fumanoe e le bakhachane, ha Molibeli a tla nka qeto ea hore ba lelekoe koetlisong ea sepolesa, empa leha ho le joalo Lekhotla le Phahameng ka Moahloli Tšeliso Mokoko, le ile la laela hore ba busetsoe koetlisong.

Vinkmag ad

Read Previous

Dr. Majoro o tšelisa Naha ea Japane

Read Next

Litlaleho Tsa Sepolesa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular