Vinkmag ad

Dr. Majoro o tšelisa Naha ea Japane

Tona-Kholo ea Lesotho Dr. Moeketsi Majoro o re ke ka masoabi a maholo a elang hloko ka tahlehelo ea bophelo ba Tona-Kholo ea mehleng ea naha ea Japane, Shinzo Abe (68), ea felletsoeng ke bophelo kamor’a ho thunyetsoa lefu a le sebokeng sa lipolotiki sa boiketelo ba likhetho Southern City, Nara, ka Labohlano la la 8 Phupu monongoaha. Dr. Majoro o fetiselitse matšeliso ho naha ea Japane, lelapa la Abe le sechaba sa naha eo, ‘me molaetseng oa hae o hlalositse hore ruri Lesotho le Basotho ba lla mosoang le naha ea Japane, ‘me ba re moea oa hae o phomole ka khotso.

Tona-Kholo ea mehleng ea naha ea Japane, Shinzo Abe.

Abe ke mopolotiki oa naha ea Japane ea sebellelitseng naha eo e le Tona-Kholo ebile e le Presidente eamokha oa lipolotiki oa Liberal Democratic Party (LDP), hape ebile Tona-Kholo e bileng litulong nako e telele ho feta ba bang, ho tloha ka selemo sa 2006 ho isa 2007 a boela hape ka selemo sa 2012 ho ea 2020. Ho sa le joalo, ho ea ka litaba tsa la 9 Phupu monongoaha ho hlaha litabeng tsa ‘BBC NEWS’, sepolesa sa Japane se tšoere ‘melaelloa polaong ena, eo a bileng a lumela hore o entse ketso eo ka sethunya sa maiketsetso le sepolesa se netefalitse hore ho bile le liphoso tšireletsong ea Abe, ke moo eo rasethunya a ileng a atleha ho mo thunya le ho mo bolaea.

Ho feta moo ho ile hoa ba le boikhutso ba metsotsoana ho hlompha Abe, ‘me bona bo ne bo tšoaretsoe Ntlo-Kholo ea mokha ona Tokyo, nakong eo litho li ntseng li lebelletse sephetho sa likhetho. Sechaba sa Majapane se bonahetse ka bongata marang-rang se fetisa melaetsa e supang hore ba batla toka e seng lipolaeano. Abe o tlalehoa nakong ea boetapele ba hae har’a tse ling a ile a sebetsa ka matla ho bona hore ho ba le leano la moruo leo majapane a bileng a le bitsa “ Abenomics”, le thehiloeng holim’a phokotso ea lichelete, tšusumetso ea lichelete le tlhopho-bocha ea meralo.

Naha ea Japane ke e ‘ngoe e thusang naha ea Lesotho ka lintho tse ‘maloa, jaoloka ho aha likolo le litaba tsa lijo le phepo e nepahetseng, moo ngoahola naha eo e faneng ka chelete e $1.8Millione ho naha ea Lesotho ka Lenaneho la Lefaatše la Lijo (WFP), bakeng sa ho fepa bana ba likolo tsa likonyana tlasa leano la ‘muso la phepo likolong.

Vinkmag ad

Read Previous

NRA e hema ka leqeba

Read Next

Litho tse 12 li khutlisetsoa koetlisong

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular