Vinkmag ad

Mookameli o qosoa ka peto

Mookameli oa Mokhatlo oa Transformation Resource Centre (TRC) Monghali Tsikoane Peshoane o hlahile hakhutšoanyane kapel’a Lekhotla moo a tjametsoeng ke liqoso tsa peto. Tsena li bile Lekhotleng la ‘Maseterata Maseru, ka la 11 Phupu monongoaha.

Peshoane o qosoa ka ho tlola Molao oa Litaba tse amang thobalano oa selemo sa 2003, moo ka kotloloho a qosoang ka ho tlola khaolo ea 5 (2) e baloa ‘moho le 32. Teng o hlalosoa ha lipakeng tsa khoeli ea Pherekhong selemong sa 2019 le Ts’itoe 2021, sebakeng sa TRC moo e leng Mookameli teng (Director) a ileng a etsa ketso ea motabo ho mosebetsi oa mosali setsing seo a lilemo li 28 ka thoko ho molao. Qoso e re ketso eo o e entse ka lebaka la matla le boemo tseo a nang le tsona mosebetsing moo a ileng a phopholetsa litho tsa botšehali tsa mosebeletsi eo le ho mo meta.

Qoso e supa hore Tsikoane o bile a tšosa eo hore ha a ka bua litaba tseo, h’a na ho mo ekeletsa konteraka ea tšebetso mosebetsing. Qoso ea bobeli le ho eona o qosoa ka molao o tšoanang le qosong ea pele empa khaolong ea bo 3 (2) e balla ‘moho le ea 32. Qoso e re lipakeng tsa Pherekhong 2018 le Tšitoe selemong seo, hona TRC, moqosuoa o entse ketso ea motabo e seng molaong le e mong oa basebeletsi ba setsi seo a llilemo li 32 ka ho mo phopholetsa matsoele le liropeng. Qoso e re maikemisetso a Peshoane e bile hore a be le thobalano le eo ntle le tumellano.

Qosong ea boraro le eona o qosoa ka ho tlola khaolo ea bo 5(2) tlasa molao o ts’oanang e baloa ‘moho le khaolo ea 32. Qosong ena le teng o qosoa ka litaba tsa motabo ho ba bang ba basebetsi ba tlasa bookameli ba hae. Ho sa le joalo, ka la 13 Phato monongoaha, Lekhotla la ‘Masetera ‘Mamorojele Qoo le tjebetse kopo ea Tsikoane matjoing nyeoeng ena moo a neng a ile a etsa kopo ea hore nyeoe ena ea hae e fetisetsoe Lekhotleng le Phahameng. Mabaka a hae a ne a kenyeletsa hore Simom Fako o fanaka bopaki boo e seng ba ‘nete.

Lebaka le leng ke hore balli nyeoeng ena liqoso tsa bona ke tsa matsatsi a fapakaneng, empa ba li tlalehile hong kapel’a lepolesa le le leng. Hara a mang a mabaka a hae ho kenyeletsa hore Mochochisi e Moholo (DPP) o sebelitse nyeoe ena a le tlasa khatello ea machaba.Lekhotla le lahlile kopo ena ea Tsikoane, empa leha ho le joalo, nyeoe ea peto eona e lebeletsoe ho tsoelapele.

Vinkmag ad

Read Previous

Basotho ba tsetselela lintlafatso

Read Next

Bahlanka ba tla fuoa 50%

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular