Vinkmag ad

Bahlanka ba tla fuoa 50%

Ele ho ntlafatsa phano ea litšebeletso ho bahlanka litabeng tsa lipenchene, ‘muso oa Lesotho o fihletse qeto ea hore bao ba tla ea hae ka mokitlane oa 25% kapa 50% ho ea ka boikhethelo ba mohlanka ka mong. Tsena liboletsoe ke Mongoli-Kakaretso oa Mokhatlo oa Bahlanka ba ‘Muso (LEPSSA), Motebang Leboela, puisanong le koranta ena, ka la 12 Phupu monongoaha.

Leboela o re tebello ke hore mohlanka a fumane litsiane tsena molemong oa ho ea tseba ho iphelisa, hoba boholo ba bahlanka ha ba ea phomolong, ba fetoha mafutsana-futse a se nang letho, empa ba sebelitse ‘me ‘muso o lieha ho ba lefa, bang ba be ba felloe ke bophelo ba sa fumana letho. O re ha mohlanka a ka lemala ho isang kholofalong kapa ho hlokahala ka mabaka a tšebetso o tla putsoa ka hore a amohele se lekanang le moputso habeli, ha hlokahetse mojalefa o tla fumana se tšoanang. A re ‘muso ha oa arabela litlhoko tsa bona tse ling , empa ba leboha ha o ananetse kopo ea taolo ea lichelete tsa bona tsa lipenchele.

O re bona e le mokhatlo esale ba sa fe paramente le ‘muso oa Lesotho ka litlhoko tsa bona tseo o neng o sa li ele hloko, hoba ntho e ileng ea ba qholotsa ke ho elelloa maemo a bophelo ba bahlanka nakong eo ba hlaheloang ke mathata ‘me ba lokela ho ema ka maoto. Leboela o tsoetsepele hore ba ntse ba lomahantse meno hore ‘muso o ntlafatse meputso ea bahlanka ka 50% kaha e le e tla be e ba phelisa, ‘me kamora lilemo tse ling le tse ling tse hlano meputso ea bahlanka e hlahlojoe bocha.

A re ba masoabi hore tikolohong e ka boroa ho Afrika (SADC) ke bahlanka ba naha ea Lesotho feela ba fumanang meputso e soabisang. A re lintho leha li ntse li etsahala, sechaba se sa fuoe litšebeletso molato ha se oa bahlanka empa ke oa ba baholo, kaha ‘musong ho se na lisebelisoa, hoba boholo ba lisebelisoa li etsa 25% tse teng makaleng, ‘me seo se setisa bahlanka ho tsoelapele. A re ha se hore bahlanka ha ba na litsebo, empa ntho e bolaeang kholo le ntlafalo ea ‘muso, ke likheo tse sebelisoang ke bapolotiki ho hira batho ka lipolotiki, ba bile ba se na litsebo.

Puisanong le e mong oa bahlanka, Tebello Moiloa o itse ‘muso oa Lesotho o tlile ka leoa le nepahetseng la ho ntlafatsa bahlanka hobane boholo ha ba ea phomolong ba sulafalloa ke bophelo ho latela ho lieha ho fumana lichelete. A re hantle bahlanka ha b’a lokela ho fetoha baits’okuli empa ba lokela ho thehela naha mesebetsi e meholo ‘me e phelisang.

Vinkmag ad

Read Previous

Mookameli o qosoa ka peto

Read Next

Likoloto tsa naha limaemong a amohelehang-Sophonea

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular